Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 15:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mme a re: Morena Jehova, ke tla tseba kang hoba ke tla le rua?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, ke tla tseba jwang hore ke tla e rua?”

Ver Capítulo Copiar




Genese 15:8
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o re ho yena: Nkukele sethole se lemo tse tharo, le podi e tshehadi e lemo tse tharo, le pheleu e lemo tse tharo, le leebakgorwana, le leeba.


O o nee lehlohonolo la Abrahama, wena le mofuta wa hao o o hlahlamang, o tle o rue lefatshe leo o jakileng ho lona, leo Modimo o le neileng Abrahama.


Josefa a re ho banababo: Ke se ke ya shwa, mme Modimo o tla le etela ruri, a le ntshe naheng ena, a le ise naheng eo a hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla ba nea yona.


Esekiase o ne a itse ho Esaia: Pontsho e tla ba efe ya hore Jehova o tla mphodisa le hore ke tla nyolohela tlung ya Jehova ka la boraro na?


O etse pontsho bakeng sa ka ya hoba o molemo ho nna, e tle e bonwe ke dira tsa ka, di ke di swabe! hobane, Jehova, o a nthusa, o a ntshedisa.


Ikopele pontsho ho Jehova, Modimo wa hao, o kope hore e hlahe tlase lebitleng, leha e le hodimo lehodimong.


Batho ba robileng selekane sa ka, ba sa phetheng mantswe a selekane seo ba se entseng pela ka ka namane eo ba kileng ba e seha ka lehare, mme ba feta hara mekgekgetho ya yona,


e leng baholo ba Juda le baholo ba Jerusalema, le matona, le baprista, le setjhaba kaofela sa lefatshe, ba fetileng hara mekgekgetho ya namane;


Sakaria a re ho lengeloi: Taba tseo ke tla di tseba kang? hobane ke se ke hodile, mosadi wa ka le yena o se a tsofetse.


Empa Maria a re ho lengeloi: Taba eo e tla etsahala jwang, athe ha ke tsebe monna?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos