Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 15:8 - BIBELE

8 Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, ke tla tseba jwang hore ke tla e rua?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mme a re: Morena Jehova, ke tla tseba kang hoba ke tla le rua?

Ver Capítulo Copiar




Genese 15:8
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena o re ho yena: “Ntlisetse kgomo ya sethole e lemo di tharo, le podi e tshehadi e lemo di tharo, le pheleu e lemo di tharo, le leebana-kgorwana, le ledinyane la leeba.”


A ke a o nee lehlohonolo la Aborahama, wena le ditloholo tsa hao, o tle o rue naha eo o leng mojaki ho yona, eo Modimo a neng a e nee Aborahama!”


Yaba Josefa o re ho bana babo: “Ke se ke le lekgatheng la ho shwa, empa Modimo o tla le etela, a le nyolle naheng ena, a le isa naheng eo a neng a e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo hore o tla ba nea yona.”


Jwale Hesekiya a re ho Esaya: “Pontsho ya hore Morena o tla mphodisa, le hore ke tla be ke nyolohele ka Tempeleng ya Morena ka letsatsi la boraro, e tla ba efe?”


Bonahatsa molemo wa hao ho nna, ba ntlhoileng ba hlajwe ke dihlong, ha ba bona hore wena Morena, o mothusi wa ka le motshedisi wa ka.


“Kopa Morena Modimo wa hao, hore a o etsetse sesupo se tswang tlasetlase, kapa hodimodimo.”


Batho ba sentseng selekane sa ka, ba sa kang ba phetha dipallo tsa selekane seo ba neng ba se etse moo ke leng teng, ke tla ba etsisa namane eo ba neng ba e kgekgethe, ba feta pakeng tsa mekgekgetho ya yona.


Ba ileng ba feta pakeng tsa mekgekgetho ya namane, ke mahosana a Juda le mahosana a Jerusalema, le matona, le baprista, le setjhaba sohle sa naha ena.


Sakariya a re ho lengeloi: “Ke tla tseba taba eo kang, kaha ke hodile, le mohatsa ka a tsofetse?”


Maria a re ho lengeloi: “Hoo ho ka etsahala jwang, athe ke sa le morwetsana?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos