Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 15:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yaba Jehova o re ho yena: Nkukele sethole se lemo tse tharo, le podi e tshehadi e lemo tse tharo, le pheleu e lemo tse tharo, le leebakgorwana, le leeba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Yaba Morena o re ho yena: “Ntlisetse kgomo ya sethole e lemo di tharo, le podi e tshehadi e lemo di tharo, le pheleu e lemo di tharo, le leebana-kgorwana, le ledinyane la leeba.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 15:9
18 Referencias Cruzadas  

Yaba o mo nkela tsona kaofela, a di kgekgetha kalehare, a bea mokgekgetho o mong malebana le o mong; empa dinonyana tsona a se ke a di kgekgetha.


Mme a re: Morena Jehova, ke tla tseba kang hoba ke tla le rua?


Yare ha Abrahama a emisa mahlo a hae, a tadima, mme a bona pheleu e le kamora hae, e tshwasehile dihlahleng ka manaka; yaba Abrahama o ya, a nka pheleu, mme a e etsa setjheso bakeng sa mora wa hae.


Mpokelleleng baratuwa ba ka, e leng bohle ba entseng selekane le nna ka sehlabelo.


dipalesa di se di hlaha fatshe; ke nako ya melodi ya dinonyana, lentswe la leebakgorwana le se le utlwahala naheng ya rona.


Pelo ya ka e lla hodima Moabe; ba phonyohileng ba balehetse Tsoware le Eglathe-Shelishia; hobane ba nyoloha ka moepa wa Luhithe ka dillo; diboko tsa tshenyeho ya bona di duma tseleng ya Horonaime.


Sehlabelo sa hae haele setjheso sa dikgutshwane, sa dinku, kapa sa dipodi, o tla ntsha e tona, e se nang sekodi.


Ha sehlabelo sa hae seo a etsetsang Jehova setjheso ka sona, e le sa dinonyana, o tla hlahisa sehlabelo sa maebakgorwana, leha e le sa madinyane a maeba.


Ha sehlabelo sa hae e le setjheso sa kgomo, a hlahise e tona e se nang sekodi, a e hlahise monyako wa tente ya pokano, a tle a amohelwe ke Jehova.


Ho feleng ha matsatsi a ho itlhatswa ha hae, bakeng sa mora, kapa bakeng sa moradi wa hae, o tla hlahisa konyana e lemo se le seng, e be setjheso, le leebana, kapa leebakgorwana, e be sehlabelo sa sebe, a di tlise monyako wa tente ya pokano,


Ha a ka hloka konyana, a nke maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la setjheso, le leng e be la sehlabelo sa sebe. Moprista o tla mo etsetsa pheko, hore a hlweke.


le maebanakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, kamoo a ka ntshang kateng, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.


A ntoo hlaba le leng la maebanakgorwana, leha e le le leng la madinyane a maeba, kamoo a ntshitseng kateng;


Ekare ha e mong a nyehella Jehova ka sehlabelo sa teboho, mme a nyehela ka kgomo e tona kapa ka e tshehadi, o tla e hlahisa pela Jehova, e hloka sekodi.


Ha a nyehela ka e kgutshwane e tona, kapa e tshehadi, e le sehlabelo sa teboho, o tla e hlahisa pela Jehova, e hloka sekodi.


Nka pohwana e be sehlabelo sa sebe, le pheleu ya setjheso, di hloka sekodi tse pedi, mme o di hlabe pela Jehova.


le nke le kgomo le pheleu tsa sehlabelo sa teboho, tse tla hlajwa pela Jehova; le nke le nyehelo e dubilweng ka ole; hobane kajeno, Jehova o tla iponahatsa ho lona.


Ba ya le hore ba hlahise sehlabelo se laetsweng molaong wa Morena, sa maebanakgorwana a mabedi, leha e le sa madinyane a mabedi a maeba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos