Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 17:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Abrame (ntate ya phahameng), empa lebitso la hao e tla ba Abrahama, hobane, ke o beile hore o be raditjhabatjhaba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ha o sa tla hlola o bitswa Aborame; lebitso la hao e tla ba Aborahama, hobane ke tla o etsa ntata ditjhaba tse ngata.

Ver Capítulo Copiar




Genese 17:5
16 Referencias Cruzadas  

Hape Modimo wa re ho Abrahama: Sarai, mosadi wa hao, ha a sa tla hlola a bitswa ka lebitso la Sarai (ya ikgethang), empa lebitso la hae e tla ba Sara (mofumahadi).


A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.


Jakobo a mmotsa, a re: Ako mpolelle hle lebitso la hao. Yaba o re: Ke ka baka lang ha o mpotsa lebitso la ka? A mo hlohonolofatsa moo.


Mme Modimo wa re ho yena: Lebitso la hao o Jakobo, kajeno lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa lebitso la hao e tla ba Iseraele. Mme wa mo rea lebitso la Iseraele.


mme Jehova a romela ka moporofeta Nathane ho mo rea lebitso la Jedidia (moratuwa wa Jehova), ka baka la Jehova.


Abrame, e leng yena Abrahama.


Ke wena Jehova, Modimo o neng o kgethe Abrahama; wa mo falatsa Ure ya Bakalde, wa mo rea lebitso la Abrahama.


Le tla siela bakgethwa ba ka lebitso la lona e le thohako, mme Morena Jehova o tla le bolaya; haele bahlanka ba hae, o tla ba bitsa ka lebitso le leng,


Empa hosasane, Pashkure a ntsha Jeremia metshwasong; Jeremia a re ho yena: Jehova ha a sa tla o bitsa ka lebitso la Pashkure (boiketlo kahohle), empa o tla o bitsa Magore-Missabibe (tshoho kahohle).


Mehleng ya hae, Juda o tla pholoha, Iseraele a ikahele boiketlong, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


Ke ao mabitso a banna bao Moshe a ba romileng ho ya hlwela naha; mme Moshe a rea Hosea, mora Nune, lebitso la Joshua.


Yena a fumana pele Simone, ngwanabo ka sebele; a re ho yena: Re bone Messia — ke ho re, Kreste, ha ho fetolwa.


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke o beile ntata ditjhaba tse ngata. Ke ntata rona bohle pela Modimo oo a dumetseng ho wona, o phedisang ba shweleng, o bitsang dintho tse siyo jwaloka hoja di le teng.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, ke be ke mo fe le lejwe le lesweu, leo ho ngodilweng ho lona lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ke ya le amohelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos