A tadima, a bona pela hlooho ya hae e le senkgwa se besitsweng hodima mashala, le nkgo ya metsi. A ja, a nwa, a boela a robala.
Mattheu 4:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Diabolose a mo tlohela; mme bonang, mangeloi a atamela Jesu, a mo sebeletsa. BIBELE Jwale Diabolosi a mo tlohela, mme bonang, mangeloi a atamela, a mo sebeletsa. Baasraak Sotho NT Yaba Diabolosi o a mo tlohela, mme bonang, mangeloi a tla, a mo sebeletsa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Diabolosi o a mo tlohela, mme bonang, mangeloi a tla, a mo sebeletsa. |
A tadima, a bona pela hlooho ya hae e le senkgwa se besitsweng hodima mashala, le nkgo ya metsi. A ja, a nwa, a boela a robala.
Kapa na o re, nka sitwa ho rapela Ntate hona jwale, mme o ba a ya nnea dilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e mmedi, le tse fetisang?
a re ho yena: Ekare ha o le Mora wa Modimo, o itihele fatshe; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla o laella mangeloi a wona, mme a tla o kgakeletsa matsohong a wona, hore leoto la hao le se ke la kgoptjwa ke lejwe.
A nna a ba feelleng ka matsatsi a mashome a mane, a lekwa ke Satane; o ne a le hara dibatana, mme mangeloi a ne a mo sebeletsa.
Ke ne ke ntse ke na le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, mme ha le a ka la bea matsoho ho nna; empa ke yona nako ya lona le matla a lefifi.
Eitse hobane Diabolose a qete moleko wohle, a mo tlohela, nako e nngwe e tle e be e fihle.
Ha nka ke ka hlola ke bua le lona haholo, hobane morena wa lefatshe lena o a tla; mme ha a na letho ho nna.
Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.
Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?
Hape, mohla o tlisang Mora wa wona wa letsibolo lefatsheng, o itse: Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.