Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 22:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Yaba lengeloi le hlaha ho yena, le etswa lehodimong, la mo matlafatsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

43 Lengeloi la hlaha ho yena le etswa lehodimong, la mo matlafatsa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

43 Yaba ho iponahatsa ho yena lengeloi le tswang lehodimong, le mo matlafatsa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

43 Yaba ho iponahatsa ho yena lengeloi le tswang lehodimong, le mo matlafatsa.

Ver Capítulo Copiar




Luka 22:43
16 Referencias Cruzadas  

Empa le nna, ka selemo se qalang puso ya Dariuse, Momede, ke mo tlatsitse ka ho mo emela le ka ho mo fa matla.


Kapa na o re, nka sitwa ho rapela Ntate hona jwale, mme o ba a ya nnea dilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e mmedi, le tse fetisang?


Jwale, Diabolose a mo tlohela; mme bonang, mangeloi a atamela Jesu, a mo sebeletsa.


a re ho yena: Ekare ha o le Mora wa Modimo, o itihele fatshe; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla o laella mangeloi a wona, mme a tla o kgakeletsa matsohong a wona, hore leoto la hao le se ke la kgoptjwa ke lejwe.


empa nna ke o rapeletse hore tumelo ya hao e tle e se ke ya fela. Jwale, wena, etlere hobane o bake, o tiise banabeno.


ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Yare ha a hlotse teng matsatsi a mang, a tloha, a etela ka hlomahanyo dinaha tsa Galatia le tsa Frigia, a ntse a tiisa barutuwa kaofela.


O mpe o laele Joshua, o mo kgothatse, o mo natlafatse, hobane ke yena ya tla etella setjhaba sena pele, hape ke yena ya tla ba ruisa lefatshe leo o tlang ho le bona.


Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.


Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?


Hape, mohla o tlisang Mora wa wona wa letsibolo lefatsheng, o itse: Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.


Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos