Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:53 - Sesotho 1909/1961 (SO)

53 Kapa na o re, nka sitwa ho rapela Ntate hona jwale, mme o ba a ya nnea dilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e mmedi, le tse fetisang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

53 Kapa o lekanya hore ke sitwa ho rapela Ntate, a nthomelle hona jwale mabotho a mangeloi a fetang leshome le metso e mmedi?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

53 A o re, nka se kgone ho rapela Ntate jwale, mme o tla akofa a nnea dilegione tse fetang leshome le metso e mmedi tsa mangeloi?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

53 A o re, nka se kgone ho rapela Ntate jwale, mme o tla akofa a nnea dilegione tse fetang leshome le metso e mmedi tsa mangeloi?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:53
12 Referencias Cruzadas  

Yaba Elisha o rapela, a re: Jehova, tutubolla mahlo a hae hle, a tle a bone. Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka, mme a bona thaba e tletse dipere le makoloi a mollo, a teetse Elisha hare ka nqa tsohle.


Noka ya mollo e ne e tswa ho yena, e matha pela hae; o ne a sebeletswa ke dikete tsa dikete, dimillione tsa dimillione di ne di eme pela hae; baahlodi ba dula, mme dibuka tsa phetlwa.


Mohla Mora motho a tlang a teetswe hare ke kganya ya hae, mangeloi a ena le yena kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.


Jwale, Diabolose a mo tlohela; mme bonang, mangeloi a atamela Jesu, a mo sebeletsa.


Eitse ha ba fihla ho Jesu, ba bona ya neng a na le batemona ba legione a dutse, a apere, a ena le ditaba; mme ba tshaba.


Jesu a botsa, a re: Lebitso la hao o mang? Wa araba, wa re ho yena: Lebitso la ka ke Legione; hobane re bangata.


Jesu a mmotsa, a re: Lebitso la hao o mang? A re: Ke Legione. Hobane batemona ba bangata ba ne ba kene ho yena.


Ha ho motho ya nkamohang bona; ke nna ke bo beang ka ho rata ha ka; ke na le matla a ho bo bea, le matla a ho boela ke bo nka. Taelo eo ke e nkile ho Ntate.


Jesu a araba, a re: Mmuso wa ka ha o tswe lefatsheng lena; hoja mmuso wa ka o tswa lefatsheng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntwanela, ke tle ke se ke ka neelwa Bajuda; empa jwale, mmuso wa ka hase wa mona.


mme lona ba tshwenngwang, le etsetswe phomolo le rona, mohla Morena Jesu a bonahalang a etswa lehodimong, le mangeloi a matla a hae,


Le bona ba porofetilwe ke Henoke, monna wa bosupa ha ho qalwa ka Adama, ka ho re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos