Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 22:53 - Sesotho 1909/1961 (SO)

53 Ke ne ke ntse ke na le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, mme ha le a ka la bea matsoho ho nna; empa ke yona nako ya lona le matla a lefifi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

53 Ke ne ke ntse ke ena le lona ka matsatsi wohle ka Tempeleng, ha le a ka la ntshwara! Empa nako ena ke ya lona le ya Matla a Lefifi.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

53 Ha ke ne ke ena le lona ka tsatsi le leng le le leng ka Tempeleng, ha le a ka la nkenya matsoho, empa ena ke nako ya lona, le matla a lefifi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

53 Ha ke ne ke ena le lona ka tsatsi le leng le le leng ka Tempeleng, ha le a ka la nkenya matsoho, empa ena ke nako ya lona, le matla a lefifi.

Ver Capítulo Copiar




Luka 22:53
20 Referencias Cruzadas  

thabo ya molotsana e fela kapele, le ho nyakalla ha ya kgopo e le ha motsotso o le mong feela?


Eitse hobane a fihle tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ha a ntse a ruta, ba re: Ntho tseo, o di etsa ka matla afe? Mme matla ao o a neilwe ke mang?


Yaba Jesu o bolella baprista ba baholo, le balaodi ba tempele, le baholo ba tlileng ho mo tshwara, a re: Le tlile ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka le batla leshodu!


Jwale ba phakisa ba mo tshwara, ba ya le yena, ba mo isa tlung ya moprista e moholo. Haele Petrose a latela a le hole.


Jwale, moya wa ka o a sisimoha; mme ke tla reng? Na ke tla re: Ntate, o ntwele nakong ena? Empa ke yona ntho eo ke tletseng nako ena.


Eo a mpa a nka sengwathwana, a phakisa a tswa; e ne e le bosiu.


Ha nka ke ka hlola ke bua le lona haholo, hobane morena wa lefatshe lena o a tla; mme ha a na letho ho nna.


Yaba ba rata ho mo tshwara; empa ho se ke ha eba motho ya isang letsoho ho yena, kahobane nako ya hae e ne e eso ho tle.


Bahlanka ha ba kgutletse ho baprista le ho bafarisi, ba botswa, ha thwe: Ha le a ka la mo tlisa keng?


o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.


Hobane ntwa ya rona ha e lwane le nama le madi, empa e lwana le baholo, le mebuso, le marena a lefifi la lefatshe lena, le meya e bolotsana e sebakeng sa lehodimo.


mme o re ntshitse matleng a lefifi, wa re falletsa mmusong wa Mora wa wona ya ratwang;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos