Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 4:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Eitse Jesu ha a utlwile hobane Johanne o kenntswe teronkong, a boela Galelea;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Yare ha Jesu a utlwa hore Johanne o tshwerwe, a ya Galelea.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Yare ha Jesu a utlwa hobane Johanne o kentswe teronkong, a tloha a ya Galelea;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Yare ha Jesu a utlwa hobane Johanne o kentswe teronkong, a tloha a ya Galelea;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 4:12
13 Referencias Cruzadas  

Johanne ha a le teronkong, a utlwa mesebetsi ya Kreste; yaba o romela barutuwa ba hae ba babedi ho Jesu,


Efela Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filippi moenae.


Hobane Johanne a kenngwe teronkong, Jesu a tla Galelea, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo;


Hobane Heroda eo o ne a rometse batho ho tshwara Johanne, mme o ne a mo tlamile teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo; hobane a ne a mo nyetse.


Empa ba phehella, ba re: O ferekanya setjhaba ka ho ruta Judea kaofela; esale a qala ka Galelea ho fihlela mona.


a eketsa tsohle tseo ka ho kenya Johanne teronkong.


Yaba Jesu o boela Galelea ka matla a Moya; mme botumo ba hae ba utlwahala mathokong wohle a naha eo.


Yaba o theohela Kapernauma, motse wa Galelea; mme o ne a ruta batho ka matsatsi a Sabatha.


A mo isa ho Jesu. Jesu ha a mo tadima, a re: O Simone, mora Jona: o tla bitswa Kefase — ke ho re, Petrose, ha ho fetolwa.


Mohlolo ona, oo Jesu a qadileng ka wona, o ne a o etse Kana wa Galelea; a bontsha kganya ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.


Hobane Johanne o ne a eso ho kenngwe teronkong.


Eitse ha matsatsi a mabedi a fetile, a tloha teng, a ya Galelea.


Jesu a etsa mohlolo oo wa bobedi, ha a fihla Galelea, a etswa Judea.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos