Jehova o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.
Mattheu 26:64 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a re ho yena: O boletse teng; hape, ke re ho lona: Ho tloha jwale, le tla bona Mora motho a dutse letsohong le letona la matla a Modimo, mme a etla ka maru a lehodimo. BIBELE Jesu a re: “Wena o rialo. Empa ke a le bolella, ke re: “Ho tloha jwale le tla bona Mora Motho a dutse letsohong le letona la Ya Matla, mme a etla a le hodima maru a lehodimo.” Baasraak Sotho NT Jesu a re ho yena: O boletse; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re ho yena: O boletse; |
Jehova o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.
Boporofeta hodima Egepeta: Bonang! Jehova o kaletse leru le bobebe, o lebile Egepeta; medimo ya Egepeta e thothomela pela hae, mme dipelo tsa Baegepeta di tepella ka ho bona.
Ka ba ka tadima ka dipono tsa bosiu, mme bonang, e mong ya kang mora motho a hlaha ka maru a lehodimo, a fihla ho Moholo wa matsatsi, a atametswa ho yena;
Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.
Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.
Morena o itse ho morena ka: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao?
Mohlang oo, pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong; ke moo ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla iteta difuba, mme di tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo, ka matla a maholo le ka kganya e kholo.
Mohla Mora motho a tlang a teetswe hare ke kganya ya hae, mangeloi a ena le yena kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.
Judase, e leng yena ya mo ekang, a araba, a re: Na ke nna, Rabbi? Jesu a re ho yena: O boletse teng.
Haele Jesu, a ema pela mmusisi, mme mmusisi a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? Jesu a re ho yena: O boletse teng.
Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.
Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le matlo; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho ya hae teng.
Jesu a re: Ke yena; mme le tla bona Mora motho a dutse letsohong le letona la matla a Modimo, a etla ka maru a lehodimo!
Pilato a re ho yena: Ke ho re, o morena na? Jesu a mo araba, a re: O a bolela, ke morena; ke tswaletswe hona, mme ke tletse hona lefatsheng, ke tle ke pake nnete. E mong le e mong eo e leng wa nnete, o utlwa lentswe la ka.
ba re: Banna ba Galelea, le ntse le emetseng, le lelaletse lehodimong? Jesu eo ya nketsweng lehodimong a le hara lona, o tla be a tle ka mokgwa oo le mmoneng a eya lehodimong ka wona.
Empa wena, o ahlolelang ngwaneno? Kapa wena, o nyedisetsang ngwaneno? Athe bohle re tla emiswa pela setulo sa kahlolo sa Modimo.
Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.
Yena eo e leng lehlasedi la kganya ya wona, le setshwantsho sa boleng ba wona, ya kakatlelang dintho tsohle ka lentswe la matla a hae, eitse hobane a etse hlatsuo ya dibe tsa rona, o ile ho dula ka letsohong le letona la Boholo bo hodimo;
re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.
Bonang, o tla ka maru, mme mahlo wohle a tla mmona, le bona ba mo hlabileng; mme ba mefuta yohle ya lefatshe ba tla swaba ka baka la hae. E, Amen!
Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.