Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 22:70 - Sesotho 1909/1961 (SO)

70 Yaba bohle ba re: Na ke ho re, o Mora Modimo na? A re ho bona: Le a bolela; ke yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

70 Jwale bohle ba re: “Ha ho le jwalo, na o Mora wa Modimo?” Yena a re ho bona: “Le a bolela, ke yena.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

70 Yaba bohle ba re: Ha ho le jwalo, na o Mora wa Modimo na? A re ho bona: Le re ke nna.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

70 Yaba bohle ba re: Ha ho le jwalo, na o Mora wa Modimo na? A re ho bona: Le re ke nna.

Ver Capítulo Copiar




Luka 22:70
20 Referencias Cruzadas  

Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!


A nke ke phethe morero; Jehova o itse ho nna: O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse.


Judase, e leng yena ya mo ekang, a araba, a re: Na ke nna, Rabbi? Jesu a re ho yena: O boletse teng.


Jesu a re ho yena: O boletse teng; hape, ke re ho lona: Ho tloha jwale, le tla bona Mora motho a dutse letsohong le letona la matla a Modimo, mme a etla ka maru a lehodimo.


Haele Jesu, a ema pela mmusisi, mme mmusisi a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? Jesu a re ho yena: O boletse teng.


O tshepile Modimo; a o mo lwele jwale, ha o mo rata; hobane o itse: Ke Mora Modimo.


Molaodi wa lekgolo, le ba nang le yena, ba ntseng ba lebela Jesu, ha ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse hlahileng, ba tshoha haholo, ba re: Eo e ne e le Mora wa Modimo ruri!


Mme ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


Yaba moleki o mo atamela, a re: Ha o le Mora Modimo, ere, majwe ana a fetohe mahobe.


Jesu a re: Ke yena; mme le tla bona Mora motho a dutse letsohong le letona la matla a Modimo, a etla ka maru a lehodimo!


Pilato a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? A araba, a re ho yena: O boletse teng.


Ba re: Dipaki re sa di batlelang, ha e le moo re ikutlwetse molomong wa hae?


Yaba Pilato o mmotsa, a re: Na ke wena morena wa Bajuda na? Jesu a araba, a re: O a bolela.


Le batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: Ke wena Kreste, Mora wa Modimo. Jesu a mpa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kahobane ba ne ba mo tseba hobane ke yena Kreste.


Le nna ke bone, mme ke pakile hore enwa ke Mora Modimo.


Nathanaele a re ho yena: O ntsebela kae? Jesu a araba, a re ho yena: Ke o bone, Filipi a eso ho o bitse, o le tlasa sefate sa feiye.


Nna le Ntate, re bang feela.


haele nna ya halaleditsweng, ya romilweng lefatsheng ke Ntate, le ka bolela jwang, la re, ke a nyefola, ha ke itse, ke Mora wa Modimo?


Pilato a re ho yena: Ke ho re, o morena na? Jesu a mo araba, a re: O a bolela, ke morena; ke tswaletswe hona, mme ke tletse hona lefatsheng, ke tle ke pake nnete. E mong le e mong eo e leng wa nnete, o utlwa lentswe la ka.


Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o lokelwa ke ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos