Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 21:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ke moo ba tla bona Mora motho a etla ka leru, ka matla le ka kganya e kgolo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Jwale ba tla bona Mora Motho a etla a le lerung, ka matla le ka tlotla e kgolo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Jwale ba tla bona Mora motho a etla ka leru ka matla le kganya e kgolo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Jwale ba tla bona Mora motho a etla ka leru ka matla le kganya e kgolo.

Ver Capítulo Copiar




Luka 21:27
10 Referencias Cruzadas  

Ka ba ka tadima ka dipono tsa bosiu, mme bonang, e mong ya kang mora motho a hlaha ka maru a lehodimo, a fihla ho Moholo wa matsatsi, a atametswa ho yena;


Mohlang oo, pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong; ke moo ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla iteta difuba, mme di tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo, ka matla a maholo le ka kganya e kholo.


Mohla Mora motho a tlang a teetswe hare ke kganya ya hae, mangeloi a ena le yena kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.


Jesu a re ho yena: O boletse teng; hape, ke re ho lona: Ho tloha jwale, le tla bona Mora motho a dutse letsohong le letona la matla a Modimo, mme a etla ka maru a lehodimo.


Ke moo ba tla bona Mora motho a etla ka maru, ka matla a maholo le ka kganya.


Batho ba tla neela moya ke tshabo le ke tebello ya tse tla tla lefatsheng; hobane tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.


Bonang, o tla ka maru, mme mahlo wohle a tla mmona, le bona ba mo hlabileng; mme ba mefuta yohle ya lefatshe ba tla swaba ka baka la hae. E, Amen!


Jwale ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, mme e mong ya kang mora motho a dutse hodima leru, a rwetse moqhaka wa kgauta hloohong, mme a nkile sekele e bohale letsohong la hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos