Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:63 - Sesotho 1909/1961 (SO)

63 Empa Jesu a kgutsa. Yaba moprista e moholo o boela a bua, a re ho yena: Ke u antsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle haeba o Kreste, Mora wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

63 Empa Jesu a kgutsa. Moprista e Moholo a re ho yena: “Ke re o hlapanye ka Modimo ya phelang, o re bolelle hore na o Kreste, Mora Modimo.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

63 Empa Jesu a kgutsa. Moprista e moholo a araba, a re ho yena: Ke o hlapantsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle hore na o Kreste, Mora wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

63 Empa Jesu a kgutsa. Moprista e moholo a araba, a re ho yena: Ke o hlapantsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle hore na o Kreste, Mora wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:63
42 Referencias Cruzadas  

Morena a re ho yena: Ke tla o antsha hakae, hore o mpolelle nnete feela ka lebitso la Jehova?


Morena a re ho yena: Ke tla o antsha ho isa kae hore o mpolelle nnete feela ka lebitso la Jehova?


Moya wa ka o nyoretswe Modimo, Modimo o utlwang. Ke tla ya neneng, ke be ke itlhahise pela Modimo?


Ya arolelanang le leshodu o hloile moya wa hae; leha a hlapantshwa, ha a senole letho.


A etswa hampe, a ntse a mamelletse, a se ke a ahlamisa molomo wa hae, jwaloka konyana e iswang hlabong, le jwaloka nku e semumu pela bakuti ba yona; ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.


Shadrake, Meshake le Abede-Nego ba araba taba eo, ba re ho morena Nebukadnesare: Ha re a tshwanela ho o arabela letho tabeng ena.


Ekare ha motho, e leng paki e hlapatshitsweng ka molao, a entse sebe ka ho se bolele seo a se boneng ka mahlo, leha e le seo a se tsebang, o tla jara molato wa hae.


Yaba Simone Petrose o araba, a re: O Kreste, Mora Modimo o phelang.


Yaba moprista e moholo o ema, a re ho yena: Na ha o arabe letho na? Seo ba o qosang ka sona keng na?


Empa leha a ne a qoswa ke baprista ba baholo le ke baholo, ha a ka a araba letho.


Empa ha a ka a araba lentswe leha le le leng; mmusisi a ba a makala haholo.


Wena, ya qhaqhang tempele, o reng o tla e tsosa ka matsatsi a mararo, ipholose he! Ha o le Mora Modimo, theoha sefapanong!


O tshepile Modimo; a o mo lwele jwale, ha o mo rata; hobane o itse: Ke Mora Modimo.


Molaodi wa lekgolo, le ba nang le yena, ba ntseng ba lebela Jesu, ha ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse hlahileng, ba tshoha haholo, ba re: Eo e ne e le Mora wa Modimo ruri!


Yaba moleki o mo atamela, a re: Ha o le Mora Modimo, ere, majwe ana a fetohe mahobe.


A mpa a kgutsa, a se ke a araba letho. Moprista e moholo a boela a mmotsa, a re ho yena: Na ke wena Kreste, Mora wa Modimo o bokwang na?


Le nna ke bone, mme ke pakile hore enwa ke Mora Modimo.


Nathanaele a re ho yena: O ntsebela kae? Jesu a araba, a re ho yena: Ke o bone, Filipi a eso ho o bitse, o le tlasa sefate sa feiye.


Yaba Bajuda ba mo teela hare, ba re ho yena: O tla re dikadikisa ho fihlela neneng? Ekare ha o le Kreste, o re bolelle phatlalatsa.


Nna le Ntate, re bang feela.


haele nna ya halaleditsweng, ya romilweng lefatsheng ke Ntate, le ka bolela jwang, la re, ke a nyefola, ha ke itse, ke Mora wa Modimo?


Pilato a re ho yena: Ke ho re, o morena na? Jesu a mo araba, a re: O a bolela, ke morena; ke tswaletswe hona, mme ke tletse hona lefatsheng, ke tle ke pake nnete. E mong le e mong eo e leng wa nnete, o utlwa lentswe la ka.


Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o lokelwa ke ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.


A boela a kena kgotla, a re ho Jesu: O wa hokae na? Empa Jesu ha a ka a mo nea karabo.


Empa eo e ngodilwe hore le tle le dumele hobane Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore, ka ho dumela, le be le bophelo ka lebitso la hae.


Mme re dumetse, ra ba ra tseba hobane ke wena Kreste, Mokgethwa wa Modimo!


Yaba ba re ho yena: O mang, wena? Jesu a re ho bona: Ke hlile ke seo ke le boleletseng sona ho qaleng.


Hobane Mora Modimo, Jesu Kreste, ya boletsweng hara lona ke rona, nna le Silfane le Timothea, ha e a ka ya eba e le tjhe, empa e bile e ho yena.


enereha a rohakwa, o ne a sa rohake; ha a ne a utlwiswa bohloko, o ne a sa bope; empa o ne a tshepa ya ahlolang ka ho loka;


Banna ba Iseraele ba ne ba kgathetse tsatsing leo; empa Saule a hlapantsha setjhaba, a re: Ho rohakwe motho ya jang dijo ho isa mantsiboya, ke be ke iphetetse ho dira tsa ka. Ka baka leo, setjhaba kaofela ha se a ka sa utlwa bohobe.


Setjhaba ha se kena morung, leha se bona dinotshi tse rothelang fatshe, ha ho a ka ha eba le a mong ya di isang molomong ka letsoho, hobane setjhaba se ne se tshaba hlapanyo.


Empa e mong wa setjhaba a bua, a re: Ntatao o hlapantshitse setjhaba ka ho re: Ho rohakwe motho ya jang dijo kajeno. Athe setjhaba se kgathetse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos