Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:65 - Sesotho 1909/1961 (SO)

65 Jwale, moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: O nyefotse! Re sa batlelang dipaki? Bonang, le utlwile nyefolo ya hae jwale.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

65 Yaba Moprista e Moholo o hahola diaparo tsa hae, o re: “O nyefotse, re sa hlokelang dipaki? Jwale le ikutlwetse nyefolo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

65 Jwale moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: “O nyefotse; re sa hlokeng dipaki? bonang, jwale le utlwile nyefolo ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

65 Jwale moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: “O nyefotse; re sa hlokeng dipaki? bonang, jwale le utlwile nyefolo ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:65
12 Referencias Cruzadas  

Ebile Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso, ba tla ho Esekiase, ba hahotse diaparo tsa bona, ba mo tsebisa mantswe a Rabshake.


Mme morena le bahlanka ba hae kaofela ha ba ka ba tshoha, ha ba ka ba hahola diaparo tsa bona, ha ba utlwa mantswe ao kaofela.


kapa ya lekgutla, kapa e mokgutshwanyane, kapa ya nang le pabela leihlong, kapa ya lekgwekgwe, kapa setshwa, kapa eo marete a hae a pshatlehileng.


Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne, ba neng ba ile le ba bang ho hlwela naha, ba hahola diaparo tsa bona,


Yaba ba bang ho bangodi ba re ka ho bona: Enwa o a nyefola.


Bangodi le bafarisi ba qala ho bolela dipelong tsa bona, ba re: Enwa ke mang, ya bolelang dinyefolo? Ke mang ya nang le matla a ho tshwarela dibe, haese Modimo o nnotshi?


Bajuda ba mo fetola, ba re: Ha o tlepeletswe mosebetsi o motle, empa ke ka baka la nyefolo, kahobane o re o le motho, o iketsa Modimo.


haele nna ya halaleditsweng, ya romilweng lefatsheng ke Ntate, le ka bolela jwang, la re, ke a nyefola, ha ke itse, ke Mora wa Modimo?


Empa baapostola, Barnabase le Pauluse, yare ha ba utlwa hoo, ba hahola diaparo tsa bona, mme ba ikakgela hara batho, ba ntse ba howa,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos