Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:65 - BIBELE

65 Yaba Moprista e Moholo o hahola diaparo tsa hae, o re: “O nyefotse, re sa hlokelang dipaki? Jwale le ikutlwetse nyefolo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

65 Jwale, moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: O nyefotse! Re sa batlelang dipaki? Bonang, le utlwile nyefolo ya hae jwale.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

65 Jwale moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: “O nyefotse; re sa hlokeng dipaki? bonang, jwale le utlwile nyefolo ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

65 Jwale moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: “O nyefotse; re sa hlokeng dipaki? bonang, jwale le utlwile nyefolo ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:65
12 Referencias Cruzadas  

Jwale bo-Eliakime, mora wa Hilekiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la kgosi, le Shebena, eo e neng e le mongodi wa lekgotla, le Jowa, mora wa Asafo, eo e neng e le mongodi wa diketsahalo, ba fihla ho Hesikiya, ba hahotse diaparo tsa bona, mme ba mo phetela dipolelo tsa molaodi wa ntwa.


Empa mahosana ha a a ka a tshoha, kapa a hahola diaparo tsa wona; esita le yona kgosi kapa e mong feela wa bahlanka ba yona ba ileng ba utlwa mantswe ana wohle.


kapa monna ya lekgutla, kapa wa kakatjhelana, kapa ya qhommeng leihlo, kapa ya nang le setlapedi, kapa ya lekgwekgwe, kapa ya pshatlehileng makwalata; bana bohle ba se ke ba atamela.


Joshua, mora wa Nune, le Kalebe, mora wa Jefune, e leng ba ba neng ba ilo hlwela naha, ba hahola diaparo tsa bona.


Yaba Ditsebi tse ding tsa Molao di re ka dipelong tsa tsona: “Enwa o a nyefola!”


Yaba Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba qala ho buisana, ba re: “Eo ke mang ya nyefolang? Ke mang ya ka tsebang ho tshwarela dibe, haese Modimo a nnotshi na?”


Bajuda ba araba, ba re: “Ha re o tlepeletse mosebetsi o molemo, empa re o tlepeletsa nyefolo, le kahobane ere o le motho, o iketsa Modimo.”


Jwale ho ya kang ha le re: ‘O a nyefola,’ kahobane nna ya halaleditsweng, mme a romelwa lefatsheng ke Ntate, ke itse: ‘Ke Mora wa Modimo’?


Empa ha baapostola Baranabase le Paulosi ba utlwa hoo, ba hahola diaparo tsa bona, ba ikakgela hara letshwele, ba howa,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos