Moprista o tla se tadima, mme ha a bona hoba se phobetse ho feta letlalo, le mohwete o ho sona o sweufetse, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke sephobe sa lepera le hlahileng kahara seso.
Mattheu 12:45 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale o ye, o late meya e meng e supileng, e o fetisang ka bolotsana, mme e kene, e dule teng; mme taba tsa motho eo tsa ho fela di fetise tsa ho qala ka ho dula hampe. Moloko o lonya ona o tla hlahelwa ke taba e jwalo. BIBELE Ebe o ya lata meya e meng e supileng, e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng, hoo ditaba tsa motho eo tsa morao di bang mpe ho feta tsa pele. Ho tla ba jwalo le ho moloko ona o kgopo.” Baasraak Sotho NT Jwale o ye o nke meya e meng e supileng e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng; Ho tla ba jwalo le ho moloko ona o kgopo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale o ye o nke meya e meng e supileng e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng; Ho tla ba jwalo le ho moloko ona o kgopo. |
Moprista o tla se tadima, mme ha a bona hoba se phobetse ho feta letlalo, le mohwete o ho sona o sweufetse, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke sephobe sa lepera le hlahileng kahara seso.
Empa bafarisi, ha ba utlwa taba eo, ba re: Enwa ha a leleka batemona, ke ka Beelsebule feela, morena wa batemona.
Ke moo o reng: A nke ke boele tlung ya ka eo ke tswileng ho yona. Mme ere ha o fihla teng, o e fumane e le feela, e fietswe, e bile e hlophilwe.
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le tsamaya le lewatle le lefatshe lohle ho etsa morutuwa a le mong, mme ha a se a entswe, le mo etsa ngwana wa dihele habedi ho fetisa lona.
[Jesu ha a tsohile kameso ya letsatsi le qalang veke, a itlhahisa pele ho Maria Magdalena, eo a neng a lelekile bademona ba supileng ho yena.
Jesu a botsa, a re: Lebitso la hao o mang? Wa araba, wa re ho yena: Lebitso la ka ke Legione; hobane re bangata.
Jwale o ye, o late meya e mong e supileng, e o fetisang ka bolotsana, mme e kene, e dule teng; mme taba tsa motho eo tsa morao di fetise tsa pele ka ho dula hampe.
Hobane ntwa ya rona ha e lwane le nama le madi, empa e lwana le baholo, le mebuso, le marena a lefifi la lefatshe lena, le meya e bolotsana e sebakeng sa lehodimo.
Haele rona, ha re batho ba kwenehang ho ya timela; empa re ba tiisang tumelo ho pholosa meya ya rona.