Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 13:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Moprista o tla se tadima, mme ha a bona hoba se phobetse ho feta letlalo, le mohwete o ho sona o sweufetse, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke sephobe sa lepera le hlahileng kahara seso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Moprista o tla le hlahloba, mme haeba lebadi leo le bonahala le phobetse, mohwete wa lona o sweufetse, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Ke lefu la lepera le qalehileng ka mokgwa wa lethopa.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 13:20
7 Referencias Cruzadas  

mme ho hlaha kokobalo e tshweu bakeng sa sona, kapa letheba le bosweu bo bofubetswana, mobabi o tla tshwanela ho itlhahisa ho moprista.


Ekare ha ho hlaha kokobalo letlalong la mmele wa motho, kapa seso, kapa setlapedi se sesweu, se batlang ho tshwana le leqeba la lepera letlalong la mmele wa hae, o tla iswa ho moprista Aarone, leha e le ho e mong wa baprista, bara ba hae.


Etlare ha moprista a tadima, mme a bona ho se mohwete o sweufetseng, ho se le sephobe se phobetseng ho feta letlalo, empa se bonahala eka se sobane, moprista o tla mo kwalla tlung ka matsatsi a supileng.


Moprista o tla tadimisisa leqeba letlalong la mmele wa hae; ekare ha mohwete wa leqeba o sweufetse, mme leqeba le phobetse ho feta letlalo la mmele wa hae, ke bohloko ba lepera; moprista ya mmoneng, o tla mmolela hoba o sesila.


Jwale o ye, o late meya e meng e supileng, e o fetisang ka bolotsana, mme e kene, e dule teng; mme taba tsa motho eo tsa ho fela di fetise tsa ho qala ka ho dula hampe. Moloko o lonya ona o tla hlahelwa ke taba e jwalo.


Kamora tseo, Jesu a mo fumana tempeleng, a re ho yena: Bona, o fodisitswe; o se ke wa hlola o etsa sebe, hore se sebe haholo ho sa pele se tle se se o hlahele.


Hobane ha ba ne ba se ba balehetse ditshila tsa lefatshe, ke ho tseba Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona, mme ba boetse ba itshwasitse ho tsona, mme ba hlotswe ke tsona, taba tsa bona tsa qetello di mpe ho fetisa tsa pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos