Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hobane ntwa ya rona ha e lwane le nama le madi, empa e lwana le baholo, le mebuso, le marena a lefifi la lefatshe lena, le meya e bolotsana e sebakeng sa lehodimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Hobane ha re lwane le nama le madi, empa re lwana le mebuso, le mebuso, le marena a lefifi la lefatshe lena, le meya e mebe e sebakeng se phahameng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Hobane ha re lwane le nama le madi, empa re lwana le mebuso, le mebuso, le marena a lefifi la lefatshe lena, le meya e mebe e sebakeng se phahameng.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 6:12
25 Referencias Cruzadas  

Jehova a re ho Satane: O tswa kae? Satane a araba Jehova, a re: Ke tswa tjhalaka lefatsheng, le ho solla teng.


Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone, mora Jona; hobane hase nama le madi a o kwaholletseng hoo, empa e le Ntate ya mahodimong.


empa ho belaella tsa lefatshe, le thetso ya lefumo, le ditakatso tsa dintho tse ding, di kene, di pupetse lentswe, mme le nyope.


Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng; hobane ke a le bolella, ba bangata ba tla rata ho kena, mme ba tla sitwa.


Ke ne ke ntse ke na le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, mme ha le a ka la bea matsoho ho nna; empa ke yona nako ya lona le matla a lefifi.


Jwale, e se e le kahlolo ya lefatshe lena; jwale, morena wa lefatshe lena o tla lelekelwa ntle.


Ha nka ke ka hlola ke bua le lona haholo, hobane morena wa lefatshe lena o a tla; mme ha a na letho ho nna.


kahlolo e teng, hobane morena wa lefatshe lena o se a ahlotswe.


o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.


Hobane ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng jwale, leha e le tse tlang ho tla,


Seo ke mpang ke se bolela, banabeso, ke hoba nama le madi di ke ke tsa eja lefa la mmuso wa Modimo, mme ho bola ho ke ke ha eja lefa la ho sa boleng.


Mme hase ho ka makatsang, etswe Satane le yena a ikgakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la lesedi.


e leng bao modimo wa lefatshe lena o ba foufaditseng dikelello, ke ho re, ba sa dumelang, ba tle ba se ke ba tjhabelwa ke lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


ho senolela ka ho nna Mora wa wona, ke tle ke mmolele hara baditjhaba, ha ke a ka ka botsa nama, leha e le madi;


kahodima boholo bohle, le puso yohle, le matla wohle, le borena bohle, le mabitso wohle a ka bitswang, e seng lefatsheng lena feela, empa e leng le ho le tlang ho tla.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;


tseo kgale le neng le itsamaela ho tsona ka mokgwa wa lefatshe lena, ha le ne le sa buswa ke morena ya busang matla a sebaka, e leng moya o sebetsang jwale baneng ba ho se dumele.


hore jwale bohlale ba Modimo, bo leng bongata mekgweng ya jona, bo bonahale ka kereke, ho baholo le ho mebuso mahodimong,


mme o re ntshitse matleng a lefifi, wa re falletsa mmusong wa Mora wa wona ya ratwang;


Wa hlobodisa le marena le mebuso, wa e pepesa pontsheng ha Jesu a se a o hlotse sefapanong seo.


Ekare ha motho a lwana peisong, a ke ke a rweswa moqhaka, ha a sa ka a lwana ka molao.


Jwale he, le rona ha re teetswe hare ke leru le lekalo la dipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe se tshwasang feela, mme re ke re mathe ka sebete peisong eo re e beetsweng,


Ha le eso ho lwane madi a ba a hlaha, ntweng eo le e lwanang le sebe.


ya ileng lehodimong, ya dutseng letsohong le letona la Modimo, eo mangeloi, le marena, le mebuso e beilweng tlasa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos