Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 6:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho tiya ka tsatsi le lebe, le ho ema le setse le hlotse tsohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, e le hore, mohla ho leng hobe, le tle le tsebe ho ema senna ho isa qetellong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho ikemela ka tsatsi le lebe, le ho ema, ha le entse tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho ikemela ka tsatsi le lebe, le ho ema, ha le entse tsohle.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 6:13
15 Referencias Cruzadas  

O mpe o hopole Mmopi wa hao matsatsing a botjha ba hao, ho eso ho tle ditshiu tsa tlokotsi, ho eso ho fihle le dilemo tseo ka tsona o tla re: Ha ke sa kgahliswa ke tsona;


lona le reng, le bea letsatsi la bohloko hole, mme le bea setulo sa bolotsana haufi?


Empa ke mang ya ka mamellang letsatsi la ho tla ha hae? Ke mang ya ka emang ho hlaheng ha hae? Hobane o jwaloka mollo wa moqhibidisi, le jwaloka sesepa sa bahlatswi.


Fadimehang ke hona, mme le rapele kamehla, le tle le newe tokelo ya ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ya ho ema pela Mora motho.


Ba majweng, ke bao e reng ha ba utlwile, ba amohele lentswe ka thabo; empa bao ha ba na metso, ke ba dumelang ka mehla e seng mekae; mme ere mohla moleko, ba kwenehe.


Bosiu bo se bo ya sa, letsatsi le se le atametse; a re lahleng ke hona mesebetsi ya lefifi, mme re apareng dihlomo tsa lesedi.


hobane dibetsa tsa ntwa ya rona hase tsa nama, empa di le matla ka Modimo ho diha diqhobosheane.


Lopollang dinako, hobane mehla e se e le mebe.


Motho a se ke a le thetsa ka dipolelo tsa lefeela; hobane ke ka baka la ntho tseo bohale ba Modimo bo tlelang bana ba ho se dumele.


Epafrase wa ha heno, mohlanka wa Kreste, o a le dumedisa; o ntse a le lwanela kamehla merapelong ya hae, hore le ke le eme le phethehile, mme le kgodise ka ho etsa ho rata hohle ha Modimo.


Ka baka leo, ipeeng katlase ho Modimo, le hanele Diabolose, mme o tla le balehela.


Jwale, erekaha Kreste a utlwisitswe bohloko nameng ka baka la rona, hlomelang kgopolo ena le lona; hobane ya utlwisitsweng bohloko nameng o hlobohane le dibe;


Erekaha o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o lwela nakong ya moleko, o tlang ho hlahela lefatshe kaofela, ho leka ba ahileng lefatsheng.


Hobane letsatsi le leholo la kgalefo ya yona le tjhabile, mme ho ka ema mang?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos