Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 6:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Tiyang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa nnete, mme le apere tshireletso ya sefuba, e leng ho loka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Kahoo ebang malalaalaotswe, nnete e be leqhama la lona, ho loka ho sireletse difuba tsa lona,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Emang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa nnete, le apere tšireletso ya sefuba ya ho loka;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Emang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa nnete, le apere tšireletso ya sefuba ya ho loka;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 6:14
13 Referencias Cruzadas  

Haele Bamoabe bohle, ha ba utlwa hobane marena ao a tlile ho ba lwantsha, ha bokangwa bohle ba ka hlomelang, ho isa le ho ba hodileng, mme ba ema moeding.


ke ne ke ikapesa ka ho loka, mme ho ne ho nkwahela; toka e ne e le kobo ya ka le moqhaka wa ka;


Ho loka e tla ba senyepa thekeng la hae, nnete e be leqhama maphakong a hae.


O apere dihlomo tsa hae; ho loka ke tshireletso ya sefuba sa hae; hloohong o rwetse heleme ya poloko; phetetso yona ke seaparo sa hae; poulelo yona ke kobo eo a ipopileng ka yona.


Matheka a lona a tlangwe, mme mabone a lona a tuke.


Bosiu bo se bo ya sa, letsatsi le se le atametse; a re lahleng ke hona mesebetsi ya lefifi, mme re apareng dihlomo tsa lesedi.


ka lentswe la nnete, ka matla a Modimo, re ithusa ka dihlomo tsa ho loka tse tshwarwang ka letsoho le letona le ka le letshehadi;


Hobane tholwana ya lesedi ke molemo wohle, le ho loka, le nnete.


Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho tiya ka tsatsi le lebe, le ho ema le setse le hlotse tsohle.


Empa rona, bao re leng bana ba motshehare, a re tshabeng botahwa, mme re apare tshireletso ya sefuba, e leng tumelo le lerato, mme re rwale heleme ya tshepo ya poloko.


Jwale he lona, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le phele ka boitshwaro, le lete ka tshepo e tiyang mohau oo le tla o tlisetswa mohla Jesu Kreste a hlahang.


Ponong ya ka ka bona jwalo le tsona dipere, le ba di kaletseng; ditshireletso tsa bona e ne e le tsa mollo, le tsa hiasinthe, le tsa sebabole; dihlooho tsa dipere di ne di le jwaloka dihlooho tsa ditau; ho ne ho etswa melomong ya tsona mollo, le mosi, le sebabole.


Di ne di rwetse ditshireletso tsa sefuba, tse jwaloka ditshireletso tsa tshepe, mme modumo wa dipheo tsa tsona o no o le jwaloka modumo wa makoloi le wa dipere tse ngata tse mathelang ntweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos