Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 6:14 - BIBELE

14 Kahoo ebang malalaalaotswe, nnete e be leqhama la lona, ho loka ho sireletse difuba tsa lona,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Tiyang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa nnete, mme le apere tshireletso ya sefuba, e leng ho loka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Emang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa nnete, le apere tšireletso ya sefuba ya ho loka;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Emang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa nnete, le apere tšireletso ya sefuba ya ho loka;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 6:14
13 Referencias Cruzadas  

Ha Bamoabe bohle ba utlwa hore dikgosi di nyolohile ho tla ba futuhela, ba kgobokanya bohle ba neng ba ka nka dihlomo, ho tloha ho ba banyenyane, ho ya fihla ho ba baholo, mme ba fihla ba hloma meeding.


Ho loka e ne le seaparo sa ka, kahlolo ya ka e le kobo le moqhaka wa ka.


Ho loka e tla ba leqhama la hae, nnete e be senyepa thekeng la hae.


Ho loka ha sireletsa sefuba sa hae, hloohong a rwala katiba ya tshepe ya pholoho; a apara diaparo tsa boiphetetso, tjheseho ya eba yona kobo ya hae.


“Matheka a lona a tlangwe, le mabone a lona a tuke.


Bosiu bo se bo tla sa, letsatsi le haufi le ho tjhaba. Ka hona a re lahleng mesebetsi ya lefifi, re apare dihlomo tsa lesedi.


ka dipolelo tsa nnete, ka matla a Modimo, ka dihlomo tsa ho loka ka letsohong le letona le ka ho le letshehadi,


Ditholwana tsa lesedi ke tsohle tse molemo, tse lokileng le tsa nnete.


Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, e le hore, mohla ho leng hobe, le tle le tsebe ho ema senna ho isa qetellong.


Ha e le rona ba ratang motsheare, a re beng le boitshwaro, re apare tshireletso ya sefuba, e leng tumelo le lerato, re rwale katiba ya tshepe ya pholoho.


Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang.


Ponong eo dipere le bapalami ba tsona ba ne ba tadimeha tjena: Ba ne ba itshireleditse difuba ka dintho tse tshwanang le mollo, le lehakwe la safire, le sebabole ka mmala, mme dihlooho tsa dipere di ne di le jwaloka dihlooho tsa ditau, melomong ya tsona ho betseha mollo, le mosi, le sebabole.


Di ne di ena le ho kang tshepe e di sireletsang difuba, mme lerata la mapheo a tsona le ne le ka lerata la dikariki tse hulwang ke dipere tse ngata, tse mathelang ntweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos