Eitse Elisha, monna wa Modimo, ha a utlwa hobane morena wa Iseraele o hahotse diaparo tsa hae, a romela ho morena, a re: O haholetseng diaparo tsa hao? A ke a tle ho nna; o tla tseba hobane moporofeta o teng Iseraeleng.
Luka 9:41 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a bua, a re: Wee! moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho le hokae na? ke tla le behela pelo ho le hokae na? Tlisa mora wa hao mona. BIBELE Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona, ke le mamelle ho fihlela neneng? Tlisa mora wa hao kwano!” Baasraak Sotho NT Jesu a araba, a re: Moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho fihlela neng, mme ke le mamella? Tlisa mora wa hao kwano. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a araba, a re: Moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho fihlela neng, mme ke le mamella? Tlisa mora wa hao kwano. |
Eitse Elisha, monna wa Modimo, ha a utlwa hobane morena wa Iseraele o hahotse diaparo tsa hae, a romela ho morena, a re: O haholetseng diaparo tsa hao? A ke a tle ho nna; o tla tseba hobane moporofeta o teng Iseraeleng.
ba se ke ba etsisa bontata bona, bao e bileng moloko o ikgantshang, o hanyetsang, moloko o sa kang wa tsamaya ka pelo e tiileng, oo moya wa wona o sa kang wa tshepeha ho Modimo.
Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Baheberu: O tla hana ho fihlela neng ho ikokobetsa pela ka? Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Ho tla nne ho ise kae, le ntse le hana ho boloka taelo tsa ka le melao ya ka?
Jerusalema, o itlhatswe bolotsana ba pelo ya hao, o tle o namolelwe; mehopolo ya bokgopo e tla ikahela ho le hokae kahare ho wena na?
Jehova a re ho Moshe: Na setjhaba sena se tla nnyedisa ho isa neng na? Na se tla hana ho isa neng ho dumela ho nna, se sa re letho ka mehlolo yohle eo ke e entseng hara sona na?
Na ke tla mamella ho isa neng phutheho ena e mpe e dumadumang ka nna? Ke utlwile medumodumo ya bana ba Iseraele kamoo ba dumadumang ka nna kateng.
Empa a ba araba, a re: Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla mohlolo; empa ha o ka ke wa newa mohlolo, haese mohlolo wa moporofeta Jonase.
Jwale o ye, o late meya e meng e supileng, e o fetisang ka bolotsana, mme e kene, e dule teng; mme taba tsa motho eo tsa ho fela di fetise tsa ho qala ka ho dula hampe. Moloko o lonya ona o tla hlahelwa ke taba e jwalo.
Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla pontsho, o mpa o ke ke wa newa pontsho, haese pontsho ya moporofeta Jonase. Yaba o ba tlohela, ikela.
Jesu a araba, a re: Moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho le hokae na? Ke tla le behela pelo ho le hokae na? Mo tliseng mona ho nna.
Empa, yare ha a bona bafarisi le basaddusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a ba bolella, a re: Madinyane a marabe, le tshositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?
Jesu, ha a bona hoo, a ba bohale, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho nna, mme le se ke la ba thibela; hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.
Jesu a ema, a re, a bitswe. Yaba ba bitsa sefofu, ba re ho sona: Kgothahala, o eme, o a o bitsa.
Yaba o araba, a re: Jo! moloko o sa dumeleng, ke tla ba le lona ho isa kae? ke tla le behela pelo ho isa kae? Mo tliseng ho nna.
A ba a re ho bona: Tumelo ya lona e kae? Ba mpa ba tshaba, ba makala, ba bolellana, ba re: Na enwa ke mang, ha a laela le yona meya le metsi, mme di mo utlwe?
A re a sa tla, motemona a mo idibanya, a ba a mmipetsa; empa Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, mme a mo nea ntatae.
Jesu a re ho yena: Ke dutse le lona nako e kalo, mme ha o a ka wa ntseba, Filipi, na? Ya mponeng o bone Ntate, mme o ka rialo jwang, ha o re: Re bontshe Ntate?
A ntoo re ho Thomase: Tlisa monwana wa hao mona, mme o tadime diatla tsa ka; ntsha letsoho la hao, o le kenye lehlakoreng la ka, mme o se ke wa ba ya sa dumeleng, o mpe o be ya dumelang.
A tiisa ka ditaba tse ding tse ngata, a ba kgothatsa, a re: Ipolokeng mofuteng ona o kgopo.
Kapa, o nyedisa monono wa mosa wa wona, le wa sebete sa wona, le wa pelo ya wona e telele, ka ho se lemohe hoba molemo wa Modimo o o kgannela pakong na?
A re ke re itlhahaneleng ke hona ho kena phomolong eo, esebe e mong a tshoha a ewa ke ho ya ka mohlala wa bao ba sa kang ba dumela.
Hobane le rona, re boleletswe Evangeli jwaloka bona; empa bao, lentswe leo ba le utlwileng ha le a ka la ba thusa letho, ka baka la hobane ha le a ka la fihlelana le tumelo pelong tsa ba le utlwileng.
Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.