Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 3:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Empa, yare ha a bona bafarisi le basaddusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a ba bolella, a re: Madinyane a marabe, le tshositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Empa ha a bona Bafarisi le Basaduke ba bangata ba etla ho kolobetswa, a re ho bona: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Eitse ha a bona Bafarisi le Basadusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a re ho bona: Madinyane a marabe ke lona, le lemositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Eitse ha a bona Bafarisi le Basadusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a re ho bona: Madinyane a marabe ke lona, le lemositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 3:7
49 Referencias Cruzadas  

Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.


Ba sa reng letho ka molao ba rorisa ba babe; empa ba o bolokang ba ba lwantsha.


Ba alama mahe a marabe, ba loha bolepo ba sekgo; ya jang mahe a bona o tla shwa; ekareha le leng le pshatlwa, ho tswa marabe.


Balehang Babilona, ho pholose e mong le e mong bophelo ba hae, esere le ka timela ka bokgopo ba hae, hobane nako ya tefetso ya Jehova ke yona eo, o ya busetsa moputso ho yena.


Nka bitsa mang, nka botsa mang, ba tle ba mamele? Bonang, tsebe ya bona ha e a bolla, ba sitwa ho ela taba hloko; bonang, lentswe la Jehova le fetohile sesomo hara bona, ha ba sa ikgahlisetsa lona.


Empa bafarisi, ha ba utlwa taba eo, ba re: Enwa ha a leleka batemona, ke ka Beelsebule feela, morena wa batemona.


Madinyane a marabe, le ka bolela taba tse molemo jwang, le ena le lonya? Hobane molomo o buiswa ke seo pelo e tletseng sona.


Jwale, barutuwa ba mo atamela, ba re ho yena: Na o a tseba hobane bafarisi ba ile ba hlonama ha ba utlwa polelo ya hao na?


Bafarisi le Basadusi ba tla, ba leka Jesu ka ho kopa hore a ba etsetse pontsho e tswang lehodimong.


Jesu a re ho bona: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi.


Yaba bafarisi ba tloha, ba ya rera hammoho kamoo ba ka mo tshwasang ka dipolelo tsa hae kateng.


Tsatsing lona leo, basadusi, e leng ba latolang tsoho ya bafu, ba tla ho yena, ba mmotsa,


Bafarisi, ha ba utlwa hobane o kgutsisitse basadusi, ba phutheha hammoho.


Dinoha, madinyane a marabe! Le ka phema kahlolo ya dihele jwang?


Hobane ke a le bolella, ke re: Ho loka ha lona ha ho sa fetise ha bangodi le ha bafarisi, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo.


Yaba ba romela ho yena ba bang ba bafarisi le ba Baheroda, hore ba mo tshwase ka dipolelo tsa hae.


Jwale basadusi, ba latolang tsoho ya bafu, ba tla ho yena, ba mmotsa, ba re:


Jesu a ba laya, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa bafarisi le ditomoso tsa Heroda.


Bafarisi bao e leng ba ratang tjhelete haholo, le bona ba utlwa taba tseo kaofela; mme ba mo soma.


Mofarisi a ema, mme a iketsetsa thapelo, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.


Empa bafarisi le baruti ba molao ba itshenyeleditse morero wa Modimo, ha ba sa ka ba kolobetswa ke yena.


Mme ba romilweng e ne e le ba bafarisi.


Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.


Bafarisi ba bang ba nang le yena, yare ha ba utlwa taba tseo, ba re ho yena: Na le rona re difofu na? Jesu a re ho bona:


Yaba ba bang ba thuto ya bafarisi ba dumetseng ba ema, ba re: E ka kgona baditjhaba ba bolle, mme ba laelwe ho boloka molao wa Moshe.


Lebelang ke hona, le elellwe hobane ka dilemo tse tharo ha ke a ka ka phetsa bosiu le motshehare ho eletsa e mong le e mong wa lona ka meokgo.


Erekaha e le kgale ba ntseba, ha ba rata ho bolela nnete, ba ka bolela hobane ke phetse ka mokgwa wa bafarisi oo e leng wona mokgwa o nepehileng ka ho fetisa thutong ya rona.


Yaba moprista e moholo o a ema, le bohle ba nang le yena, e leng ba thuto ya basadusi, ba tletse mona;


Hobane bohale ba Modimo bo bonahala bo etswa lehodimong, ho otla nyefolo e nngwe le e nngwe, le bokgopo bo bong le bo bong ba batho, ba hatellang nnete ka bokgopo.


Mme jwale, ha re se re beilwe ba lokileng ka madi a hae, re tla lwelwa bohaleng ho fetisa hakakang ka baka la hae.


le ho lebella Mora wa wona mahodimong, eo o mo tsositseng bafung, e leng Jesu ya re loetseng bohaleng bo tlang.


Ka tumelo, Nowe, eitse hobane a tsebiswe ke Modimo tse esong ho bonahale, o kile a tshaba Modimo, mme a haha areka ho pholosa ba ntlo ya hae, mme ka tumelo eo o tswile lefatshe, le hona a etswa mojalefa wa ho loka ho leng ka tumelo.


hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.


Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Modimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ya sa etseng ho lokileng hase wa Modimo, leha e le ya sa rateng ngwanabo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos