Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 3:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 mme ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 ba kolobetswa ke yena nokeng ya Jorodane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba bolela dibe tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba bolela dibe tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 3:6
35 Referencias Cruzadas  

Esdrase a re a sa ntsane a rapela, a ipolela, a lla a kgumame pela ntlo ya Modimo, ha bokana ho yena phutheho e kgolo haholo ya Baiseraele, ho le banna le basadi le bana; setjhaba se ne se lla habohloko haholo.


Ka ba ka o bolella sebe sa ka, mme ha ke a ka ka pata bokgopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlola ha ka ho Jehova; mme wa hlakola bokgopo ba sebe sa ka. (Sela.)


Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.


Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.


Ka etsa thapelo ya ka ho Jehova, Modimo wa ka, ka bolela melato ya rona, ka re: Oho, Morena, Modimo o moholo, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau ho ba o ratang, ba yang ka melao ya hao,


Aarone o tla bea matsoho a hae a mabedi hloohong ya phooko e utlwang, a bolele hodima yona makgopo kaofela a bana ba Iseraele, le ditlolo tsohle tseo ba sitilweng ka tsona; o tla di bea hloohong ya phooko, a ntoo e kgannela feelleng ka motho ya kgethetsweng hoo,


Empa etlare ha ba ipolela makgopo a bona, le makgopo a bontata bona, le ditlolo tseo ba nketseditseng tsona,


ba tla bolela sebe se entsweng ke bona, mme ba tla busa ntho kaofela e hlahisitseng molato, ba e ekeletse ka bohlano ba yona, mme ba tla e nea eo ba mo sitetsweng.


Haele nna, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ya tlang ka morao ho nna, o mpheta ka matla, mme ha ke a lokela ho mo nkela dieta; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


Batho bohle ba naha ya Judea le ba Jerusalema, ba ne ba tswela ho yena, mme ba ne ba kolobetswa bohle ke yena nokeng ya Jordane, ba ntse ba ipolela dibe.


O tla sokollela bana ba Iseraele ba bangata ho Morena, Modimo wa bona;


Johanne a ba araba bohle, a re: Nna, ke fela ke le kolobetsa ka metsi; empa e mong o a tla, ya mphetang ka matla, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


hobane Johanne o fela a kile a kolobetsa ka metsi; empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang, ha ho fetile matsatsi a se makae.


Yaba ke elellwa polelo ya Morena, kamoo a boletseng kateng, a re: Johanne o fela a kolobeditse ka metsi, empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang.


Ba bangata ba dumetseng ba tla, ba ipolela le ho pepesa diketso tsa bona.


Mme jwale, o diehetseng? Ema, o kolobetswe, mme o hlatsuwe dibe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena.


ba kolobeditswe bohle ho Moshe lerung le lewatleng;


Le patilwe le yena kolobetsong, moo le tsositsweng le yena ka ho dumela matla a Modimo o mo tsositseng bafung.


le wa thuto ya dikolobetso, le wa peo ya matsoho, le wa tsoho ya bafu, le wa kahlolo ya ho sa feleng.


e leng dijo le dino feela, le dihlatsuo tse ngata, le mekgwa ya nama, e beilweng ho be ho fihle nako ya tokiso.


Bolellanang ditshito tsa lona, mme le rapellane, le tle le fole. Thapelo ya ya lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha yona.


Yaba Joshua o re ho Akane: Mora ka, nea Jehova, Modimo wa Iseraele, letlotlo, mme o mo rorise; o ntsebise le seo o se entseng, o se ke wa mpatela sona.


Se tshwantswang ke hoo ke kolobetso e re pholosang jwale — e seng e hlatswang ditshila tsa mmele, empa eo e leng ho itlama ha letswalo le letle pela Modimo — ka tsoho ya Jesu Kreste,


Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o a tshepeha, o lokile, hore o re tshwarele dibe, mme o re hlatswe bokgopo bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos