Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 9:41 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 Jesu a araba, a re: Moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho fihlela neng, mme ke le mamella? Tlisa mora wa hao kwano.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Jesu a bua, a re: Wee! moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho le hokae na? ke tla le behela pelo ho le hokae na? Tlisa mora wa hao mona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona, ke le mamelle ho fihlela neneng? Tlisa mora wa hao kwano!”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

41 Jesu a araba, a re: Moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho fihlela neng, mme ke le mamella? Tlisa mora wa hao kwano.

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:41
31 Referencias Cruzadas  

Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imelwang, mme ke tla le imolla.


Empa a araba, a re ho bona: Moloko o kgopo, o mofebi, o batla pontsho; mme ha o ka ke wa newa mohlolo, haese pontsho ya moporofeta Jonase.


Jwale o ye o nke meya e meng e supileng e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng; Ho tla ba jwalo le ho moloko ona o kgopo.


Moloko o kgopo, o mofebi, o batla pontsho; mme ha o ka ke wa newa mohlolo, haese pontsho ya moporofeta Jonase. A ba tlohela, a ikela.


Jesu a araba a re: “Oho moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho fihlela neng? ke tla le mamella ho fihlela neng? mo tlise kwano ho nna.


Kannete ke re ho lona: Tsohle tseo di tla hlahela moloko ona.


Eitse ha a bona Bafarisi le Basadusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a re ho bona: Madinyane a marabe ke lona, le lemositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?


Eitse ha Jesu a bona hoo, a halefa, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.


Jesu a ema, a laela hore a bitswe. Ba bitsa sefofu, ba re ho sona: Nama pelo, tsoha; ke yena ya o bitsang.


A mo araba, a re: “Moloko o sa dumeleng, ke tla ba le lona ho fihlela neng? ke tla le mamella ho fihlela neng? mo tlise ho nna.


A re ho bona: Tumelo ya lona e kae? Mme ba tshoha ba makala, ba botsana, ba re: Enwa ke mang? gonne o laola le e leng diphefo le metsi, mme di a mo utlwa.


Ke rapetse barutuwa ba hao hore ba o leleke; mme ba sitwa.


Eitse ha a sa tla, modemona a mo akgela fatshe, a mo hahola. Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, a mo busetsa ho ntatae.


Jesu a re ho yena: Ke dutse le lona nako e kalo, mme ha o a ka wa ntseba, Filipi? ya mponeng o bone Ntate; mme o bolela jwang ha o re: Re bontshe Ntate?


A ntoo re ho Thomase: Ntsha monoana wa hao mona, mme o bone matsoho a ka; mme o tlise letsoho la hao mona, o le kenye lehlakoreng la ka: mme o se ke wa ba ya sa dumeleng, o mpe o be ya dumelang.


Mme ka nako e ka bang dilemo tse mashome a mane a mamella mekgwa ya bona feelleng.


A paka ka dipolelo tse ding tse ngata, a ba kgothatsa, a re: Ipolokeng molokong ona o kgopo.


Kapa o nyedisa monono wa molemo wa hae, le wa mamello, le wa tiisetso ya hae; o sa tsebe hobane molemo wa Modimo o o isa pakong?


Kahoo rea bona hore ha baa ka ba khona ho kena ka lebaka la ho se lumele.


Ka baka leo, a re sebeletseng ka thata ho kena phomolong eo, e le hore ho se be motho ya ka wang ho latela mohlala oo wa ho se dumele.


Hobane le rona re boleletswe Evangeli jwaloka bona;


Ka baka leo, o na le matla a ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o phela ka mehla ho ba rapella.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos