Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 A ba a re ho bona: Tumelo ya lona e kae? Ba mpa ba tshaba, ba makala, ba bolellana, ba re: Na enwa ke mang, ha a laela le yona meya le metsi, mme di mo utlwe?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Yaba o re ho bona: “Tumelo ya lona e ho kae?” Ba tshoha, ba hlollwa, mme ba botsana, ba re: “Ekaba motho eo ke mang, ya laelang le meya le metsi, mme di mo mamele?”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 A re ho bona: Tumelo ya lona e kae? Mme ba tshoha ba makala, ba botsana, ba re: Enwa ke mang? gonne o laola le e leng diphefo le metsi, mme di a mo utlwa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 A re ho bona: Tumelo ya lona e kae? Mme ba tshoha ba makala, ba botsana, ba re: Enwa ke mang? gonne o laola le e leng diphefo le metsi, mme di a mo utlwa.

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:25
16 Referencias Cruzadas  

Ke mang ya nyolohetseng lehodimong, a ba a theoha a etswa teng? Ke mang ya fuparetseng moya letsohong la hae? Ya bokeletseng mawatle kobong ya hae ke ha e le mang? Ke mang ya tiisitseng dipheletso tsa lefatshe? Lebitso la hae ke mang? Ke mang lebitso la mora hae, ha o fela o tseba?


le mohla a laelang lewatle hore metsi a lona a se ke a tlola lebopo; le mohla a lekanyang metheo ya lefatshe.


Jesu a phakisa a otlolla letsoho, a mo tshwara, a re ho yena: Motho ya tumelo e nyenyane, o belaeletseng?


Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; hobane kannete ke re ho lona: Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng, mme ho ka be ho se letho le le sitang.


Modimo ha o apesa jwalo jwang ba naha, bo bang teng kajeno, mme hosasane bo se bo tla lahlelwa seboping, na haholo o ke ke wa le apesa, lona batho ba tumelo e nyenyane?


Jesu, ha a mo utlwa, a tsota, mme a bolella ba mo latelang, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Ha ke eso ho bone tumelo e kalo, le Iseraeleng.


A re ho bona: Batho ba tumelo e nyenyane, le boi keng na? Yaba o ema, a kgalemela meya le lewatle; mme kgutso e kgolo ya eba teng.


Ka tsatsi lona leo, ha e le mantsiboya, a re ho bona: A re tsheleleng mose.


Mme jwale, erekaha Modimo o apesa jwalo jwang ba naheng, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo se bo tla lahlelwa seboping, na haholo o ke ke wa le apesa lona batho ba tumelo e nyenyane!


Yaba ba atamela, ba mo tsosa borokong, ba re: Monghadi, Monghadi, re a timela! Empa yena hobane a tsohe, a kgalemela moya le maqhubu a metsi; mme a kgutsa, ha esa hantle.


Ba fihla naheng ya Bagergesene, e tadimaneng le Galelea.


Jesu a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bolella hore, ekare ha o dumela, o tla bona kganya ya Modimo na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos