O atametse pohwana pela tente ya pokano, mme Aarone le bara ba hae ba tla bea matsoho a bona hloohong ya poho;
Levitike 3:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya kgomo eo ya sehlabelo sa hae, o tla e hlaba monyako wa tente ya pokano; baprista, bara ba Aarone, ba tla tshollela madi aletareng ka nqa tsohle. BIBELE O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya phoofolo eo, a e hlabele monyakong wa Tente ya Morena. Baprista, e leng bara ba Arone, ba tla foka mahlakore wohle a mane a aletare, ka madi a yona. |
O atametse pohwana pela tente ya pokano, mme Aarone le bara ba hae ba tla bea matsoho a bona hloohong ya poho;
O tla nka pheleu e nngwe, mme Aarone le bara ba hae ba tla bea matsoho a bona hloohong ya pheleu;
O tla nka pheleu ya bobedi, mme Aarone le bara ba hae ba tla bea matsoho a bona hloohong ya pheleu;
Bohle re ne re lahlehile jwaloka dinku, re ne re ya e mong le e mong ka tsela ya hae; empa Jehova o mo jarisitse makgopo wohle a rona.
O tla e hlaba pela Jehova, lehlakoreng la aletare le lebileng nqa leboya; bara ba Aarone, baprista, ba tla tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.
Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele a hlaba kgomo, leha e le nku, kapa podi, diahelong, kapa kantle ho diahelo,
a sa e tlise monyako wa tente ya pokano hore e be nyehelo ho Jehova pela tabernakele ya Jehova, madi a yona e tla ba molato ho yena, mme motho eo, ya tsholotseng madi, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo;
Sehlabelong seo sa teboho o tla nka seo a tlang ho etsa ka sona sehlabelo se tjhesetswang Jehova, e leng mafura a apesang mala, le mafura kaofela a kgomaretseng mala,
a bee letsoho la hae hodima hlooho ya sehlabelo seo sa hae, a se hlabe pela tente ya pokano, mme bara ba Aarone ba tla tshollela madi aletareng ka nqa tsohle.
A atametsa pheleu ya bobedi, pheleu ya peo; Aarone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hloohong ya pheleu eo.
Ke tla tshela moya wa mohau le wa merapelo hodima ntlo ya Juda le hodima baahi ba Jerusalema; mme ba tla tadima ho nna eo ba mo hlabileng. Ba tla mo llela, jwalokaha ho llelwa mora ya tswetsweng a nnotshi, ba hlomohe habohloko hodima hae, jwalokaha ho hlomohuwa hodima mora wa letsibolo.
Empa o se ke wa lopollisa letsibolo la kgomo, leha e le letsibolo la nku, leha e le letsibolo la podi, hobane ke dintho tse kgethehileng. O tla tshollela madi a tsona aletareng, o tjhese mafura a tsona; ke sehlabelo se etswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
Le bile le bolaile Monga bophelo; empa Modimo o mo tsositse bafung, mme rona, re dipaki tsa taba eo.
Ke lona bao Modimo o qadileng ka lona ho le hlahisetsa mohlanka wa wona Jesu, wa mo roma ho tla le hlohonolofatsa, ka ho sokolla e mong le e mong wa lona bobeng ba hae.
Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.