Levitike 17:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)4 a sa e tlise monyako wa tente ya pokano hore e be nyehelo ho Jehova pela tabernakele ya Jehova, madi a yona e tla ba molato ho yena, mme motho eo, ya tsholotseng madi, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo; Ver CapítuloBIBELE4 a se e tlise pele, monyakong wa Tente ya Morena, ho nyehela ka yona ho Morena, kapele ho Leaho la hae, o tla tadingwa a le molato wa ho tsholla madi. Motho eo o tsholotse madi, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. Ver Capítulo |
Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,
Hobane thabeng ya ka e halalelang, thabeng e phahameng ya Iseraele, ho bolela Morena Jehova, bohle ba ntlo ya Iseraele, e leng bohle ba leng naheng ya bona, ba tla ntshebeletsa teng; hona teng, ke tla kgahlwa ke bona; teng ke tla botsa dikabelo tsa lona tse tsokotswang le dilopotsiya tseo le tla di tlisa tsa ntho tsohle tsa lona tse halalelang.