Levitike 17:4 - BIBELE4 a se e tlise pele, monyakong wa Tente ya Morena, ho nyehela ka yona ho Morena, kapele ho Leaho la hae, o tla tadingwa a le molato wa ho tsholla madi. Motho eo o tsholotse madi, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)4 a sa e tlise monyako wa tente ya pokano hore e be nyehelo ho Jehova pela tabernakele ya Jehova, madi a yona e tla ba molato ho yena, mme motho eo, ya tsholotseng madi, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo; Ver Capítulo |
Empa ya etsang mahlabelo ka poho, o tshwana le mmolai wa motho; ya etsang nyehelo ka konyana, o tshwana le ya robang ntja molala; ya etsang nyehelo ka dijo, o tshwana le ya nyehelang ka madi a kolobe; ya tjhesang mokubetso ho etsa kgopotso, o tshwana le ya kgumamelang modimo wa bohata. E, ba ikgethetse tsela tsa bona, meya ya bona e thabela manyala a bona.