Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 3:2 - BIBELE

2 O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya phoofolo eo, a e hlabele monyakong wa Tente ya Morena. Baprista, e leng bara ba Arone, ba tla foka mahlakore wohle a mane a aletare, ka madi a yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya kgomo eo ya sehlabelo sa hae, o tla e hlaba monyako wa tente ya pokano; baprista, bara ba Aarone, ba tla tshollela madi aletareng ka nqa tsohle.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 3:2
23 Referencias Cruzadas  

“Jwale o tla tlisa pohwana kapele ho Tente ya Morena, ebe Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya pohwana.


O tla hlaba pohwana ena e le kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena.


“Jwale o nke pheleu ya pele, Arone le bara ba hae ba tle ba bee matsoho a bona hodima hlooho ya pheleu eo.


O tla hlaba pheleu eo, ebe o nka madi a yona, o foke aletare ho e potapota.


“Jwale o nke pheleu ya bobedi, Arone le bara ba hae ba bee matsoho a bona hodima hlooho ya yona.


Rona bohle re tshwana le dinku tsa malahleha, motho ka mong o iketse ka tselana ya hae, Morena o mmelesitse makgopo a rona bohle.


A e hlabele kapele ho Morena e le ka lehlakoreng la aletare le ka leboya. Baprista, e leng bara ba Arone, ba foke mahlakore wohle a mane a aletare ka madi a yona.


Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, ya hlabelang pholo, kapa nku, kapa podi, ka diahelong; kapa ya e hlabelang kantle ho diahelo,


a se e tlise pele, monyakong wa Tente ya Morena, ho nyehela ka yona ho Morena, kapele ho Leaho la hae, o tla tadingwa a le molato wa ho tsholla madi. Motho eo o tsholotse madi, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Sehlabelong sena sa teboho, seo e leng sa setjheso se etsetswang Morena, o tla nyehela ka mohlehlo, le ka mafura wohle a dikahare.


O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya yona, mme a e hlabele kapele ho Tente ya Morena. Bara ba Arone ba tla foka mahlakore wohle a mane a aletare, ka madi a yona.


Jwale Moshe a tlisa pheleu ya bobedi, e leng pheleu ya kgalaletso. Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya yona.


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


“Empa ha e le letsibolo la kgomo, kapa letsibolo la nku, kapa letsibolo la podi, wona ha o ka ke wa a lopolla, a a halalela. Ka madi a wona o foke hodima aletare. Mafura a wona, wona o a tjhesetse hodima aletare, e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena.


Le bolaile Mohlodi wa bophelo, eo Modimo a mo tsositseng bafung, mme rona re dipaki.


Modimo o hlahisitse mohlanka wa hae, a mo roma ho lona pele, ho hlohonolofatsa e mong le e mong wa lona, ha a sokoloha bobeng ba hae.”


Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos