Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 3:1 - BIBELE

1 “ ‘Ha motho a nyehela ka sehlabelo sa teboho, se tswang mohlapeng wa hae wa dikgomo, ebang ke e tona kapa e tshehadi, o tla nyehella Morena ka yona e se na sepha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ekare ha e mong a nyehella Jehova ka sehlabelo sa teboho, mme a nyehela ka kgomo e tona kapa ka e tshehadi, o tla e hlahisa pela Jehova, e hloka sekodi.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 3:1
29 Referencias Cruzadas  

Davida a hahela Morena aletare hona moo, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho. A rapela Morena, mme Morena a mo arabela ka ho theola mollo o tswang lehodimong, a o theolela hodima aletare ya nyehelo ya setjheso.


“ ‘O tla nketsetsa aletare e bopilweng ka mobu, mme hodima yona o etsetse mahlabelo a ditjheso, le mahlabelo a hao a teboho, e leng dinku tsa hao, le dikgomo tsa hao. Dibakeng tsohle tseo ke di kgethileng, hore a nkgumamelle ho tsona, ke tla tla ho uena, ke o hlohonolofatse.


A romela bahlankana ba setjhaba sa Iseraele, ba nyehela ka mahlabelo a ditjheso, mme ba etsetsa Morena mahlabelo a teboho ka dipohwana.


Hona e tla ba molao wa mehla yohle, o tlamang bana ba Iseraele ho fana ka seabo ho Arone le ho bara ba hae. E tla ba seabo se tswang ho bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho, e leng seabo se etsetswang Morena.


“Kajeno ke entse nyehelo ya ka, kano tsa ka kajeno ke di phethile, ke na le dijo tsa nyehelo eo, ke na le tsona ha ka;


Qetellong ya matsatsi ana, ho tloha ka letsatsi la borobedi, baprista ba tla etsetsa dinyehelo tsa lona tsa setjheso le dinyehelo tsa lona tsa teboho hodima aletare, mme ke tla le amohela, ho rialo Morena Modimo.”


Mohlapeng wa dinku tse makgolo a mabedi, o tswang makgulong a nonneng a naha ya Iseraele, le tla nyehela ka konyana e le nngwe. Ka tsena tsohle le tla etsa nyehelo ya dijo, nyehelo ya setjheso, nyehelo ya teboho, le nyehelo ya tefelo ya sebe, ho rialo Morena Modimo.


“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le e tswang mohlapeng wa dinku kapa wa dipodi, hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha.


“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le kgomo e tswang mohlapeng wa hae hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. A e tlise monyakong wa Tente ya Morena, e le hore a tle a amohelehe ho Morena.


Hona ke hore bana ba Iseraele ba tlise mahlabelo a bona, ao ba neng ba a etsetsa naheng; ba a tlise ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena, ho moprista, mme ka wona ba etsetse Morena nyehelo ya teboho.


“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya sehlabelo sa teboho, se etsetswang Morena, e etswa mohlapeng wa dikgutshwane, ebang e tona kapa e tshehadi, o tla nyehela ka yona e se na sepha.


Arone a hlaba pholo le pheleu, e le nyehelo ya setjhaba ya teboho. Bara ba Arone ba mo tlisetsa madi, mme ka wona a fika aletare ho e potapota.


Le nke le pholo le pheleu, tsa sehlabelo sa teboho, di hlabelwe Morena; le nke le nyehelo ya phofo e dubilweng ka ole, hobane kajeno Morena o tla iponahatsa ho lona.’ ”


Leha le ka nketsetsa dinyehelo tsa setjheso, la ntlisetsa le dinyehelo tsa dijo, tsena nke ke be ka di amohela. Leha le ka nketsetsa dinyehelo tsa teboho, la nketsetsa tsona ka dinonneng tsa lona, le tsona nke ke be ka di tadima.


“Ho madimabe mothetsi eo ereng ha a ena le phoofolo e tona mohlapeng wa hae, e ka amohelehang, a ikane hore o tla nyehela ka yona, empa ebe o etsetsa Morena sehlabelo ka e nang le sepha! Etswe nna ke kgosi e kgolo,” ho rialo Morena wa mabotho, “mme ke lokela ho hlomphuwa hara ditjhaba.”


Na ke hantle ha le nyehela ka phoofolo e foufetseng, le nketsetsa sehlabelo ka phoofolo e hlotsang kapa e kulang? Lekang feela le nyehelle mmusi wa lona ka phoofolo e jwalo! Na hoo ho ka mo thabisa? Na le ka amoheleha ho yena?” ho rialo Morena wa mabotho.


“ ‘Ha o nyehela ka pohwana e le nyehelo ya setjheso, kapa e le sehlabelo, kapa e le ya ho etsa kano, kapa e le nyehelo ya teboho e nyehellwang Morena;


O tla tlisetsa Morena nyehelo ya hae, e leng nku e tona e nang le selemo, e se nang sepha, e le ya nyehelo ya setjheso; le nku e tshehadi e nang le selemo, e se nang sepha, e le ya nyehelo e tlosang sebe; le pheleu e le nngwe, e se nang sepha, e le ya nyehelo ya teboho.


Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Naheshone, mora wa Aminadabe.


Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Gamaleele, mora wa Pedasure.


Le nyehele ka nyehelo ya lona ya setjheso, le ka nama, le ka madi, hodima aletare ya Morena Modimo wa lona. Madi a tse hlabilweng tsa lona le a qhalle kahodima aletare ya Morena Modimo wa lona, empa nama yona le e je.


le hore, ka Kreste, a boelanye dintho tsohle le yena, leha e le tse lefatsheng kapa tse mahodimong, ka ho hloma kgotso ka madi a Kreste a tsholohileng sefapanong.


Kahoo a re atameleng ka dipelo tse tshepahalang, le ka tumelo e tletseng, re hlwekisitswe dipelo ho kgutsisa matswalo a rona, re hlatswitswe mmele ka metsi a hlwekileng.


Seo re ileng ra se bona, le seo re ileng ra se utlwa, re le bolella sona, e le hore le lona le tle le phedisane le rona, mme ho phedisana ha rona le lona ke ho phedisana le Ntate le Mora wa hae, Jesu Kreste.


Jwale bana bohle ba Iseraele, le setjhaba sohle, ba nyolohela Bethele. Ba lla, mme ba dula kapele ho Morena. Ka letsatsi leo ba itima dijo ho fihlela ka phirimana. Ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso le ka dinyehelo tsa teboho.


Ka le hlahlamang setjhaba sa tsoha e sa le ka madungwadungwana, sa haha aletare, sa nyehela ka dinyehelo tsa setjheso, le ka dinyehelo tsa teboho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos