Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 2:16 - BIBELE

16 Bakeng sa kgopotso, moprista o tla tjhesa e nngwe ya dijo tseo, le ole, le mokubetso kaofela, e le nyehelo ya setjheso se etsetswang Morena.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Moprista o tla tjhesa karolo ya kgopotso ya dihlaku tse hohlilweng, le ya ole le dibano kaofela: ke nyehelo e tjheseditsweng Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 2:16
12 Referencias Cruzadas  

Thapelo ya ka e nyolohele ho wena, e nyolohe jwaloka mokubetso, ke phahamise matsoho a ka e le nyehelo ya mantsiboya.


Moya wa Morena Modimo o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana, molaetsa o molemo. O nthometse ho thoba pelo tsa ba swabileng, ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le hore ba tjhankaneng ba tla lokollwa;


Empa dikahare tsa yona le ditlhako tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle aletareng, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


O ka tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya tsa tse kotutsweng, empa o se ke wa e tjhesetsa hodima aletare, e le setjheso se monko o monate.


“ ‘Ha o tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya tsa tse kotutsweng, o nyehele ka dilopotsiya tsa diqhome kapa tsa dijo.


O di tlotse ka ole ya mohlwaare, mme o tshele mokubetso hodima nyehelo eo.


“ ‘Moprista a nke bo bong ba bohobe, e le kgopotso, ebe o bo tjhesetsa hodima aletare; e be setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


Kreste, ha a ntse a phela lefatsheng, o ile a hlahisa dithapelo le dikopo ka mehoo le ka meokgo ho Modimo, ya neng a ka mo pholosa lefung, mme kaha a ne a ikokobeditse, Modimo o ile a mo mamela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos