Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 2:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Moprista o tla tjhesa karolo ya kgopotso ya dihlaku tse hohlilweng, le ya ole le dibano kaofela: ke nyehelo e tjheseditsweng Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Bakeng sa kgopotso, moprista o tla tjhesa e nngwe ya dijo tseo, le ole, le mokubetso kaofela, e le nyehelo ya setjheso se etsetswang Morena.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Levitike 2:16
12 Referencias Cruzadas  

Thapelo ya ka a e ke e nyolohele jwaloka dibano tse nkgang hamonate pela hao, le kemiso ya matsoho a ka e be jwaloka sehlabelo sa mantsiboya!


Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;


Empa diteng le ditlhako, o tla di hlatswa ka metsi; moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Le ka nyehella Jehova ka tsona dinyehelong tsa lona tsa dilopotsiya; empa di se ke tsa hlahiswa aletareng jwaloka monko o monate.


Ekare ha o rata ho etsetsa Jehova nyehelo ya dilopotsiya, o tla hlahisa diqwapi tse qalang ho butswa, tse besitsweng mollong, dihlaku tse hohlilweng, e be nyehelo ya dilopotsiya tsa hao;


o tla di tshela ka ole, o di nonetse ka dibano: ke nyehelo.


Moprista o tla ngwatha nyehelong se tshwanetseng ho ba kgopotso, a se tjhese aletareng: ke sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos