O nke pohwana le dipheleu tse pedi tse hlokang sekodi, le bohobe bo sa lomoswang, le dinkgwana tse se nang ditomoso, tse dubilweng ka ole, le maqebekwane a se nang ditomoso, a tlotsitwseng ka ole; o tle o di etse ka phofo e sefilweng ya koro;
Hape, Jehova a re ho Moshe: O nke ntho tse monko o monate, setakte, le dikgetla tse monko o monate, le kgalbano, le dibano tse hlwekileng; di ke di lekane ka boima;
Ekare ha o rata ho etsetsa Jehova nyehelo ya dilopotsiya, o tla hlahisa diqwapi tse qalang ho butswa, tse besitsweng mollong, dihlaku tse hohlilweng, e be nyehelo ya dilopotsiya tsa hao;
Empa ha a sitwa ho ntsha maebakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa ka baka la sebe sa hae karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo, e be sehlabelo sa sebe, mme a se ke a e tshela ka ole, leha e le ka dibano, kahobane ke sehlabelo sa sebe.
motho ya hlahisetsang Jehova sehlabelo sa hae, o tla hlahisa nyehelo ya karolo ya leshome ya lefi la phofo le dubilweng ka karolo ya bone ya hine ya ole;