Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 2:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ekare ha o rata ho etsetsa Jehova nyehelo ya dilopotsiya, o tla hlahisa diqwapi tse qalang ho butswa, tse besitsweng mollong, dihlaku tse hohlilweng, e be nyehelo ya dilopotsiya tsa hao;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 “ ‘Ha o tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya tsa tse kotutsweng, o nyehele ka dilopotsiya tsa diqhome kapa tsa dijo.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 2:14
16 Referencias Cruzadas  

Ha isaisa, Kaine a tlisetsa Jehova kabelo ya tse mediswang ke lefatshe;


Yaba ho tla monna wa Baale-Shalisha, a tlisetsa monna wa Modimo bohobe ba dithakangwaha, e le mahobe a mashome a mabedi a harese, le diqwapi tse tala mokotleng wa hae. Elisha a re: Beela batho bana, ba tle ba je.


o tla di tshela ka ole, o di nonetse ka dibano: ke nyehelo.


Moprista o tla tjhesa karolo ya kgopotso ya dihlaku tse hohlilweng, le ya ole le dibano kaofela: ke nyehelo e tjheseditsweng Jehova.


Etlare ha le hlahisetsa Jehova sehlabelo sa teboho, le se hlahise ka mokgwa oo se ka dumelehang ka wona.


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le kene naheng eo ke le neang yona, mohla le kotulang masimo, le tla tlisa ho moprista ngata ya dilopotsiya tsa kotulo ya lona.


le tla se ekeletsa ka dikarolo tse pedi tsa boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo e tjheswang ka mollo, e monko o monate ho Jehova: tshelo ya veine eo le tla e hlahisa e be ya karolo ya bone ya hine.


Moprista o tla tsokotsa ntho tseo pela Jehova, hammoho le bohobe ba dilopotsiya, le dikonyana tse pedi; di tla kgethelwa Jehova, mme e tla ba tsa moprista.


Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


Laela bana ba Iseraele, o re ho bona: Sehlabelo sa ka le sejo sa ditjheso tsa ka tse nang le monko o monate ho nna, le bone hore le ntlhahisetse tsona ka nako ya tsona.


Tjhe, empa Kreste o tsohile bafung, mme o beilwe thakangwaha ya ba robetseng.


o tla nka dilopotsiya tsa tsohle tse behwang ke lefatshe, e leng tseo o di fumanang naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona o di bee serotong, o ye le tsona nqalong eo Jehova, Modimo wa hao a tla e kgetha, ho bea lebitso la hae ho yona.


Bao ke ba sa kang ba itshilafatsa le basadi; hobane ba sa le jwaloka mohla ba hlahang. Ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng; ke ba lopolotsweng hara batho, e be dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos