Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 3:3 - BIBELE

3 Sehlabelong sena sa teboho, seo e leng sa setjheso se etsetswang Morena, o tla nyehela ka mohlehlo, le ka mafura wohle a dikahare.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Sehlabelong seo sa teboho o tla nka seo a tlang ho etsa ka sona sehlabelo se tjhesetswang Jehova, e leng mafura a apesang mala, le mafura kaofela a kgomaretseng mala,

Ver Capítulo Copiar




Levitike 3:3
25 Referencias Cruzadas  

Pelo tsa bona di tsherehane, empa nna ke thabela Molao wa hao.


O tla nka mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, mmoho le tshotso ya tsona, o di tjhesetse hodima aletere.


“O tla nka mafura a pheleu, le mafura a mohatla wa yona, le mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, mmoho le tshotso ya tsona, le sephaka sa letsoho le letona, hobane ena ke pheleu ya mokete wa kgalaletso.


Mora ka, ako nnee pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe, a kgahlwe ke metsamao ya ka,


Thotofatsa dipelo tsa batho bana, o thibe ditsebe tsa bona, o tutubatse mahlo a bona, esere mohlomong ba bona ka mahlo a bona, ba utlwa ka ditsebe tsa bona, ba utlwisisa ka dipelo tsa bona, ba sokoloha, yaba ke a ba fodisa.”


Ke tla le nea pelo e ntjha le moya o motjha, ke fedise pelo tse thata sa lejwe tse ka ho lona, ke le nee pelo tse ikokobeditseng.


“ ‘Ha e le baprista bao e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba ileng ba sebeletsa ka Sehalalelong sa ka ha bana ba Iseraele ba mphuralla, ba tla atamela ho nna ho tla ntshebeletsa, mme ba eme kapele ho nna ho nyehela ka mahlabelo a mafura le a madi, ho rialo Morena Modimo.


Motho eo a e tshele, moprista a bee ditho tsa phoofolo eo, le hlooho le mohlehlo, hodima patsi e tukang, mollong o hodima aletare.


Ba bee ditho tsa phoofolo eo, le hlooho, le mohlehlo, hodima patsi e tukang, mollong o hodima aletare.


Mafura a nyehelo e tlosang sebe a a tjhesetse hodima aletare.


Jwale moprista o tla di tjhesetsa hodima aletare, e le nyehelo ya setjheso sa dijo, se monko o monate. Mafura wohle ke a Morena.


O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya phoofolo eo, a e hlabele monyakong wa Tente ya Morena. Baprista, e leng bara ba Arone, ba tla foka mahlakore wohle a mane a aletare, ka madi a yona.


Diphiyo tse pedi le tshotso ya tsona e mahlakoreng, le phapohane, e tla tloswa mmoho le diphiyo.


Moprista o tla nka mafura ana a a tjhesetse hodima aletare ya setjheso, jwalokaha a etsa ka mafura a pohwana e nyehelwang e le sehlabelo sa teboho.


O tla tlisetsa Morena nyehelo ya setjheso ka matsoho a hae; o tla tlisa mafura le sefuba hore a tle a se akgotse kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang.


Moprista o tla di tjhesetsa hodima aletare, e le nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena. Ke nyehelo e tlosang sebe.


Mafura, le diphiyo, le phapohane, e leng tsa nyehelo e tlosang sebe, a di tjhesetsa hodima aletare, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


“Empa lona le lehlohonolo kahobane mahlo a lona a a bona, le ditsebe tsa lona di a utlwa.


“ ‘Setjhaba sena se ntlhompha ka melomo ya sona feela, empa dipelo tsa sona di hole le nna;


mme tshepo eo ha e swabise, hobane dipelo tsa rona di tlatsitswe lerato la Modimo ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


Re a tseba hore botho ba rona ba kgale bo thakgisitswe le yena, hore boleng ba rona bo buswang ke sebe bo timetswe, re tle re se hlole re eba makgoba a sebe,


Morena Modimo wa lona, o tla bolotsa dipelo tsa lona, le dipelo tsa bana ba lona hore le rate Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona tsohle, le ka maikutlo a lona wohle, e le hore le tle le phele.


E, le pele ba tjhesa mafura, mohlanka wa moprista o ne a ye a tle, a re ho monna ya etsang sehlabelo: “Fana ka nama e tla besetswa moprista, hobane ho wena a ke ke a nka nama e phehilweng, haese e tala feela.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos