Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 3:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Sehlabelong seo sa teboho o tla nka seo a tlang ho etsa ka sona sehlabelo se tjhesetswang Jehova, e leng mafura a apesang mala, le mafura kaofela a kgomaretseng mala,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Sehlabelong sena sa teboho, seo e leng sa setjheso se etsetswang Morena, o tla nyehela ka mohlehlo, le ka mafura wohle a dikahare.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 3:3
25 Referencias Cruzadas  

Pelo tsa bona di nonne mafura; nna, ke ithabisa ka molao wa hao.


O ntoo nka mafura wohle a apesang mala, le maapara a hodima sebete, le diphio tse pedi, le mafura a tsona; o di tjheseletse aletareng.


O tla nka mafura a pheleu, le mohatla, le mafura a apesang mala, le maapara a hodima sebete, le diphio tse pedi, le mafura a tsona, le letsoho le letona (hobane ke pheleu ya peo),


Ngwana ka, mphe pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe ke tsela tsa ka.


Nontsha pelo tsa batho bao, o thatafatse ditsebe tsa bona, o ba pompatse mahlo, hore ba se bone ka mahlo, ba se utlwe ka ditsebe, dipelo tsa bona di se elellwe, ba se ke ba baka, ba fola.


Ke tla le nea pelo e ntjha, ke kenye moya o motjha kahare ho lona; ke tla tlosa pelo ya lejwe nameng ya lona, ke le nee pelo ya nama.


Haele baprista ba Balevi, bara ba Tsadoke, ba bolokileng tseo ke di beileng sehalalelong sa ka, ha bana ba Iseraele ba ne ba nkgelohile, bona ba tla atamela pela ka ho etsa tshebeletso ya ka, ba eme pela sefahleho sa ka ho bea mafura le madi pela ka: ho bolela Morena Jehova.


Jwale o tla tshela ditho tsa yona, hammoho le hlooho le mafura a yona, mme moprista o tla di lokisa hodima patsi e beilweng aletareng, hodima mollo.


Bara ba Aarone, baprista, ba tla lokisa ditho tseo, hlooho le mafura, hodima patsi e beilweng hodima mollo o aletareng.


O tla tjhesa hodima aletare mafura a sehlabelo sa sebe.


Moprista o tla tjhesa mafura ao kaofela aletareng: mafura kaofela ke sejo sa sehlabelo sa setjheso se tjheswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya kgomo eo ya sehlabelo sa hae, o tla e hlaba monyako wa tente ya pokano; baprista, bara ba Aarone, ba tla tshollela madi aletareng ka nqa tsohle.


le diphio tse pedi, le mafura a tsona, ho isa ho a mahlono, a nke le mafura a kguto a katlase ho sebete, ao a tlang ho a kgaola ho a diphio.


Moprista o tla nka ntho tseo ka mokgwa oo di nkwang ka wona pohong ya sehlabelo sa teboho, mme o tla di tjhesa aletareng ya ditjheso.


O tla tlisa ka matsoho a hae tse tlang ho tjhesetswa Jehova; o tla tlisa mafura le sefuba, sefuba se tle se tsokotswe pela Jehova.


Moprista o tla a tjhesa aletareng, e le sehlabelo se tjheseditsweng Jehova ka mollo; ke sehlabelo sa molato.


Mafura, le diphio, le mafura a kguto a katlasa sebete, a sehlabelo sa sebe, a a tjhesa aletareng, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Empa mahlo a lona a lehlohonolo, hobane a bona, le ditsebe tsa lona di lehlohonolo, hobane di a utlwa.


Setjhaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le nna.


mme tshepo ha e hlahisetse motho dihlong, hobane lerato la Modimo le tshetswe dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


re ntse re tseba hobane motho wa rona wa kgale o thakgisitswe le yena, hore mmele wa sebe o tle o fediswe, re tle re se ke ra hlola re eba bahlanka ba sebe.


Jehova, Modimo wa hao, o tla bolotsa pelo ya hao, le dipelo tsa ditloholo tsa hao, o tle o rate Jehova, Modimo wa hao, ka pelo yohle ya hao, le ka moya wohle wa hao, o tle o phele.


Hape, mohlankana wa moprista o ne a etla, ba eso ho tjhese mafura, a re ho motho ya hlabileng: Ntsha nama ya ho besetswa moprista, hobane a ke ke a amohela ho wena nama e apehilweng, haese e tala feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos