A ntoo hlaba pohwana eo pela Jehova, mme baprista, e leng bara ba Aarone, ba tla hlahisa madi, ba a tshollele kahohle aletareng e monyako wa tente ya pokano.
O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya kgomo eo ya sehlabelo sa hae, o tla e hlaba monyako wa tente ya pokano; baprista, bara ba Aarone, ba tla tshollela madi aletareng ka nqa tsohle.