Marena ana kaofela a kgahlana lehwatateng la Sidime, moo kajeno e leng Lewatle la Letswai.
Joshua 18:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, moedi o fetela ho ya mabapa le Bethe-Hogla, nqa leboya, mme moedi o ya fella koung ya leboya ya Lewatle la Letswai, makenellong a Jordane nqa borwa: ke oo moedi wa borwa. BIBELE Moedi wa boela wa fetela lehlakoreng le ka leboya ho Bete-Hogola, wa ya fella koung e ka leboya ho Lewatle la Letswai, ka lehlakoreng le ka borwa ho Jorodane. Ona ke moedi o ka borwa. |
Marena ana kaofela a kgahlana lehwatateng la Sidime, moo kajeno e leng Lewatle la Letswai.
A timeletsa metse eo, lehwatata lohle, le bohle ba ahileng metseng, le tse mediswang ke mobu.
Jehova o tla omisa leleme la lewatle la Egepeta; o tla emisetsa letsoho la hae hodima noka ya Eufrate, a e sisinye ka matla a moya wa hae, a e kgaole, a e etse dinokana tse supileng tseo batho ba tla di tshela ba rwetse dieta.
Ka nqa borwa, moedi e tla ba lefeella la Tsine, ho fihlela Edomo; moedi wa lona, ka nqa borwa, o tla tloha pheletsong ya Lewatle la Letswai ka nqa botjhabela;
Ka ba nea le lehwatata, leo moedi wa lona e leng Jordane, ho tloha Kinnerethe ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, katlasa Pisga, nqa botjhabatsatsi.
O ne a buse le lehwatata ho isa letsheng la Kinnerethe, ka nqa botjhabatsatsi, le ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, nqa botjhabela, tseleng e yang Bethe-Jeshimothe, le nqa borwa, ho isa tlasa matswapo a Pisga.
Moedi wa bona nqa borwa o ne o tloha phellong ya Lewatle la Letswai, koung e lebileng borwa,
Jordane ke moedi wa teng nqa botjhabela. Ke lona lefa la bana ba Benjamine ka meedi ya lona ka nqa tsohle, ka matlo a bona.
metsi a theohang, a tswang hodimo, a ema, mme a etsa qubu ho isa holehole, haufi le Adama, motse o pela Tsarthane, mme metsi a mathelang Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, a kgaolwa ka mokgwa o phethehileng; mme setjhaba sa tshela mabapa le Jeriko.