Joshua 12 - Sesotho 1909/1961 (SO)Marena a hlotsweng. 1 Ke ana marena a lefatshe la Kanana, ao bana ba Iseraele ba a hlotseng, ba ruileng naha tsa wona mose wane wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi, ho tloha nokeng ya Arnone, ho isa thabeng ya Hermone, hammoho le lehwatata lohle nqa botjhabatsatsi. 2 Ke Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone; o ne a busa naha ho tloha Aroere, o lebopong la noka ya Arnone, mahareng a sekgutlo, le sekoto se seng sa Gileade, ho isa molapong wa Jabboke, e leng moedi wa bana ba Ammone. 3 O ne a buse le lehwatata ho isa letsheng la Kinnerethe, ka nqa botjhabatsatsi, le ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, nqa botjhabela, tseleng e yang Bethe-Jeshimothe, le nqa borwa, ho isa tlasa matswapo a Pisga. 4 Ba rua le naha ya Oge morena wa Bashane, ya neng a setse wa Baefraime ba ahileng Ashtarothe le Edrei; 5 o ne a busa thaba ya Hermone, le Salka, le Bashane kaofela, ho isa naheng ya Bageshure, le Bamaakathe, le sekoto se seng sa Gileade, moedi wa Sihone, morena wa Heshbone. 6 Ke bona bao Moshe, mohlanka wa Jehova, le bana ba Iseraele ba neng ba ba hlotse; Moshe, mohlanka wa Jehova, a nea fatshe leo ho Barubene, le ho Bagade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, hore ba le rue. 7 Ke ana marena a hlotsweng ke Joshua le bana ba Iseraele mose o kwano wa Jordane, nqa bophirimela, ho tloha Baale-Gade, sekgutlong sa Lebanone, ho isa thabeng e phollatsi e nyolosetsang Seire; fatshe leo Joshua a le nea meloko ya Baiseraele hore e be lefa la bona ka methapo ya bona; 8 dithaba, le dikgutlo, le mahwatata, le maralla, le lefeela, le naha e ka nqa borwa; e leng lefatshe la Bahethe, le la Baamore, le la Bakanana, le la Baferese, le la Baheve, le la Bajebuse. 9 Morena wa Jeriko ke e mong; e mong, ke morena wa Ai, o haufi le Bethele; 10 morena wa Jerusalema ke e mong; e mong hape, ke morena wa Hebrone; 11 e mong, ke morena wa Jarmuthe; e mong, ke morena wa Lakishe; 12 e mong, ke morena wa Eglone; e mong, ke morena wa Gesere; 13 morena wa Debire ke e mong; e mong, ke morena wa Gedere; 14 e mong, ke morena wa Horma; e mong hape, ke morena wa Arade; 15 e mong ke morena wa Libna; e mong, ke morena wa Adullame; 16 e mong, ke morena wa Makkeda; e mong, ke morena wa Bethele; 17 morena wa Tappua ke e mong; e mong, ke morena wa Hefere; 18 morena wa Afeke ke e mong; e mong, ke morena wa Lasharone; 19 e mong, ke morena wa Madone; e mong, ke morena wa Hatsore; 20 e mong, ke morena wa Shimrone-Merone; e mong, ke morena wa Aksafe; 21 e mong, ke morena wa Taanake; e mong, ke morena wa Megiddo; 22 e mong hape, ke morena wa Kedeshe, e mong hape, ke morena wa Jokneame, wa Karmele; 23 e mong, ke morena wa Dore, naheng ya Dore; e mong hape, ke morena wa Gojime, pela Gilgale; 24 e mong, ke morena wa Thirtsa; marena ao wohle a mashome a mararo a motso o mong. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa