Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 12:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 o ne a busa thaba ya Hermone, le Salka, le Bashane kaofela, ho isa naheng ya Bageshure, le Bamaakathe, le sekoto se seng sa Gileade, moedi wa Sihone, morena wa Heshbone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 E ne e busa thabeng ya Heremone, le Saleka, le naheng yohle ya Bashane, ho ya fihla moeding wa Bageshure, le Bamaaka, le karolo e nngwe ya Gileade, le ho ya fihla moeding wa Sihone, kgosi ya Heshebone.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 12:5
14 Referencias Cruzadas  

Haele Absalome a baleha, a ya ha Talmai, mora Amihure, morena wa Geshure. Mme Davida a nna a llela mora hae ka ditshiu tsohle.


Ke le mohlanka wa hao, ke sa le Geshure wa Siria, nkile ka hlapanya ka kano, ka re: Ha Jehova a ka mpusetsa hantle Jerusalema, ke tla sebeletsa Jehova.


le Elifelethe, mora Akasbai, mora Momaakathe; le Eliame, mora Akitofele, wa Gilo;


wa bobedi ke Kileabe ka Abigaile, mosadi wa Nabale wa Karmele; wa boraro ke Absalome, mora Maaka, moradi wa Talmai, morena wa Geshure;


Balaodi ba makgotla le batho ba bona, ha ba utlwa hore morena wa Babilona o beile Gedalia mmusisi, ba tla ho Gedalia Mitspe; ke Ishmaele, mora Nethania, le Johanane, mora Karea, le Seraia, mora Thanhumethe wa Nethofa, le Jaasania, mora motho wa Maaka, ba ena le batho ba bona.


Bana ba Gade bona ba ne ba ahile mabapa le Barubene, naheng ya Bashane, ho ya kgutla Salka:


ba tla ho Gedalia, Mitspe, e le Ishmaele, mora Nethania, le Johanane, le Jonathane, bara ba Karea, le Seraia, mora Thanhumethe, le bara ba Efai, wa Nethofa, le Jesania, mora Momaakate, ba ena le batho ba bona.


Jaire, mora Manasse, a nka naha yohle ya Argobe ho isa moeding wa Bageshure le wa Bamaakathe, mme a reella metse ya Bashane lebitso la hae; e ntse e le Havvoth-Jaire le kajeno.


le ho Bakanana ba ka nqa botjhabela le ba ka nqa bophirimela, le ho Baamore, le ho Bahethe, le ho Baferese, le ho Bajebuse dithabeng, le ho Baheve ba katlase ho Hermone, naheng ya Mitspe.


Ke ana marena a lefatshe la Kanana, ao bana ba Iseraele ba a hlotseng, ba ruileng naha tsa wona mose wane wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi, ho tloha nokeng ya Arnone, ho isa thabeng ya Hermone, hammoho le lehwatata lohle nqa botjhabatsatsi.


le Gileade, le naha ya Bageshure, le ya Bamaakathe, le thaba yohle ya Hermone, le Bashane kaofela, ho isa Salka;


Ha a le teng, Davida le banna ba hae ba futuhela Bageshure, le Bagirese, le Baamaleke, e leng beng ba naha eo, ho isa Shure, le naheng ya Egepeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos