Bana ba bona ba fela ba kena, ba rua lefatshe; wa kokobetsa pela bona ba neng ba ahile lefatsheng leo, e leng Bakanana, mme wa ba neela matsohong a bona hammoho le marena a bona le ditjhaba tsa lefatshe, hore ba etse ka tsona kamoo ba ratang kateng.
Ba etsa jwalo, ba mo ntshetsa lehaheng marena ao a mahlano, e leng morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone.
Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, a romela ho Hohame, morena wa Hebrone, le ho Pireame, morena wa Jarmuthe, le ho Jafia, morena wa Lakishe, le ho Debire, morena wa Eglone, a re: