A tloha teng, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele, mme a hloma tente ya hae teng, Bethele a le ka bophirimela, Ai a le ka botjhabela; a hahela Jehova aletare teng, mme a rapela lebitso la Jehova.
Tsatsing leo, Joshua a kena Makkeda, mme a bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, a timetsa le morena wa teng le batho bohle ba teng; ha a ka a siya motho le a mong teng; a etsa ho morena wa Makkeda jwalokaha a ne a entse ho morena wa Jeriko.