Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 12:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke ana marena a hlotsweng ke Joshua le bana ba Iseraele mose o kwano wa Jordane, nqa bophirimela, ho tloha Baale-Gade, sekgutlong sa Lebanone, ho isa thabeng e phollatsi e nyolosetsang Seire; fatshe leo Joshua a le nea meloko ya Baiseraele hore e be lefa la bona ka methapo ya bona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Tsena ke dikgosi tsa naha eo, tseo Joshua, a ena le bana ba Iseraele, a neng a di bolaye kamose wane ho Jorodane, ka bophirimela, ho tloha Baale-Gade, kgohlong ya Lebanone, ho ya fihla thabeng ya Halaka, e nyolosetsang Seire. Joshua a abela merabe ya Iseraele naha ena, hore e be ya yona, ho ya ka dikarolo tsa yona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 12:7
16 Referencias Cruzadas  

le Bahore, thabeng ya bona ya Seire, ho isa eikeng e Parane, haufi le lefeella.


Jakobo a eteletsa manqosa pele, a yang ho Esau, moholwane wa hae, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo;


Bara be Seire, Mohore, bao e neng e le baahi ba naha, ke bana: Lothane, le Shobale, le Tsibeone, le Ana,


le kgosana Dishone, le kgosana Etsere, le kgosana Dishane. Ke wona mahosana a Bahore, mahosana a bona naheng ya Seire.


Yaba Esau o ya aha thabeng ya Seire. Esau ke yena Edomo.


Sihone, morena wa Baamore, le Oge, morena wa Bashane, le marena kaofela a Kanana;


Ra sokoloha, ra leba nqa lefeelleng ka tsela ya Lewatle le Lefubedu, kamoo Jehova a neng a mpoleletse kateng, mme ra potoloha thaba ya Seire ka ditshiu tse telele.


O laele setjhaba, o re: Le a feta meeding ya banababo lona, bana ba Esau ba ahileng Seire, mme ba tla le tshaba. Iponeleng haholo ke hona;


ho tloha thabeng e phollatsi e nyolosetsang Seire ho ya fihla Baale-Gade, sekgutlong sa Lebanone, katlase ho thaba ya Hermone; a tshwara le marena wohle a teng, a a hlaba, a a bolaya.


Joshua a hapa lefatshe lohle jwalo, a etsa ka tsohle tseo Jehova a neng a di boleletse Moshe, mme Joshua a le nea Iseraele hore ba le rue, ka methapo ya bona le ka meloko ya bona; mme lefatshe la phomola, ntwa e le siyo.


Baprista ba jereng areka ya selekane sa Jehova, ba ema ba sataletse mobung o omileng, hare ho Jordane, mme Baiseraele bohle ba tshela mobung o omileng, ho fihlela setjhaba kaofela ha se qetella ho tshela Jordane.


Ebile marena wohle a mose o kwano ho Jordane, a dihlabeng le mahwatateng, ho isa le mabopong wohle a Lewatle le Leholo, mabapa le Lebanone, marena a Bahethe, le a Baamore, le a Bakanana, le a Baferese, le a Baheve, le a Bajebuse, ha a utlwa taba tsena,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos