Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 12:7 - BIBELE

7 Tsena ke dikgosi tsa naha eo, tseo Joshua, a ena le bana ba Iseraele, a neng a di bolaye kamose wane ho Jorodane, ka bophirimela, ho tloha Baale-Gade, kgohlong ya Lebanone, ho ya fihla thabeng ya Halaka, e nyolosetsang Seire. Joshua a abela merabe ya Iseraele naha ena, hore e be ya yona, ho ya ka dikarolo tsa yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke ana marena a hlotsweng ke Joshua le bana ba Iseraele mose o kwano wa Jordane, nqa bophirimela, ho tloha Baale-Gade, sekgutlong sa Lebanone, ho isa thabeng e phollatsi e nyolosetsang Seire; fatshe leo Joshua a le nea meloko ya Baiseraele hore e be lefa la bona ka methapo ya bona;

Ver Capítulo Copiar




Joshua 12:7
16 Referencias Cruzadas  

le Bahore ba le thabeng ya bona ya Seire, ho ya fihla Ele-Parane, haufi le lehwatata.


Jakobo a eteletsa maqosa pele ho ya ho moholwane wa hae Esau, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo.


Bana ke bara be Seire wa Mahore, bao e leng baahi ba naha: Lotane, le Shobale, le Sibone, le Ana;


le Dishone, le Esere, le Dishane. Ana ke mahosana a Bahore, ho ya ka merabe ya wona, naheng ya Seire.


Yaba Esau o aha dithabeng tsa Seire. Esau ke Edomo.


Sihone, kgosi ya Baamore, le Oge, kgosi ya Bashane, le mebuso yohle ya Kanana.


“Jwale ra thinya, ra nka leeto le lebang lehwatateng, ra ya ka tsela ya Lewatle la Lehlaka, jwalokaha Morena a ne a buile ho nna. Ra qeta matsatsi a mangata re ntse re potoloha thaba ya Seire.


Laela setjhaba, o re: Le lekgatheng la ho feta meeding ya bana babo lona, bana ba Esau, ba ahileng Seire. Ba tla le tshoha; ka baka leo, itlhokomeleng.


Ho tloha thabeng ya Halaka, ho ya fihla Seire, le ho ya fihla Baale-Gade, kgohlong ya Lebanone, mosikong wa thaba ya Heremone, Joshua a hapa dikgosi tsohle tsa dinaha tsena, a di otla, mme a di bolaya.


Ka mokgwa o jwalo Joshua a hapa naha yohle, ho ya ka tsohle tseo Morena a ileng a di laela Moshe. Joshua a nea Baiseraele naha eo e le lefa la bona, ho ya ka dikarolo tsa bona, le ka merabe ya bona. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.


Baprista ba jereng areka ya selekane sa Morena ba ema themelele! mobung o ommeng, bohareng ba Jorodane, mme Baiseraele bohle ba tshela mobung o ommeng, ho fihlela setjhaba sohle se tshela Jorodane.


Ha dikgosi tsohle tse kamose wane ho Jorodane, le tse maralleng, le tse diphuleng, le tse lebopong lohle la Lewatle le Leholo, kapele ho Lebanone, e leng tsa Bahete, le tsa Baamore, le tsa Bakanana, le tsa Baperise, le tsa Bahife, le tsa Bajebuse, di utlwa ditaba tsena,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos