Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 12:6 - BIBELE

6 Moshe, mohlanka wa Morena, a ena le bana ba Iseraele, ba bolaya dikgosi tseo, mme Moshe, mohlanka wa Morena, a nea ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, naha eo, hore e be lefa la bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ke bona bao Moshe, mohlanka wa Jehova, le bana ba Iseraele ba neng ba ba hlotse; Moshe, mohlanka wa Jehova, a nea fatshe leo ho Barubene, le ho Bagade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, hore ba le rue.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 12:6
11 Referencias Cruzadas  

Gebere, mora wa Uri, a le Gileade, naheng ya Sihone, kgosi ya Baamore, le naheng ya Oge, kgosi ya Bashane. E ne e le yena feela mmusi wa naha eo.


a re ho bona: “Haeba bara ba Gade le bara ba Rubene, ba ka tshela Jorodane le lona, ho ya lwana moo Morena a ntseng a ba bona, mme ka bahlabani bohle ba bona ba hlometseng, yaba le hapa naha, le tle le ba nee naha ya Gileade, e be lefa la bona.


Re tla tshela re hlometse, moo Morena a ntseng a bona, re ye naheng ya Kanana, mme lefa la rona le tla ba ka kwano ho Jorodane.”


Jwale Moshe a nea bara ba Gade le bara ba Rubene, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, mora wa Josefa, naha ya Sihone, kgosi ya Baamore; le naha ya Oge, kgosi ya Bashane; a ba nea naha le metse e potapotileng naha eo.


Moshe o ne a se a abetse merabe e mmedi, le karolo e nngwe ya morabe naha e kamose wane ho Jorodane; feela Balevi bona a se ke a ba abela lefa hara Baiseraele,


Balevi bona ha ba na lefa mona hara lona, hobane ho ba baprista ba Morena ke lona lefa la bona. Gade, le Rubene, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, bona ba se ba fumane lefa la bona ka botjhabela, mose wane ho Jorodane, e leng lefa leo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a ba nee lona.”


Morena Modimo wa lona, o phomoditse bana babo lona jwalokaha a ne a ba tshepise; ka baka leo, kgutlang, le boele ditenteng tsa lona mose ho Jorodane, naheng ya lona, eo Moshe mohlanka wa Morena, a neng a le nee yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos