Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 18:19 - BIBELE

19 Moedi wa boela wa fetela lehlakoreng le ka leboya ho Bete-Hogola, wa ya fella koung e ka leboya ho Lewatle la Letswai, ka lehlakoreng le ka borwa ho Jorodane. Ona ke moedi o ka borwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Jwale, moedi o fetela ho ya mabapa le Bethe-Hogla, nqa leboya, mme moedi o ya fella koung ya leboya ya Lewatle la Letswai, makenellong a Jordane nqa borwa: ke oo moedi wa borwa.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 18:19
10 Referencias Cruzadas  

Dikgosi tsena kaofela tsa kopanya mabotho, phuleng ya Sidime, e leng Lewatleng la Letswai.


A ripitla metse eo, le phula yohle, le baahi bohle ba metse eo, le dimela tsohle tse metseng teng.


Morena o tla pshesa kou ya watle la Egepeta, tsoho la hae le fokise moya o tjhesang hodima Noka, Noka eo a e arole melatswana e supileng, batho ba e tshele ba ntse ba rwetse meqathatso.


“ ‘Ka borwa moedi wa lona o tla tloha lehwatateng la Sine, o ikgohle ka moedi wa Edomo. O tla tloha ka botjhabela moo Lewatle la Letswai le fellang teng.


Ka ba abela le phula, le Jorodane, mmoho le naha e mathokong a yona, ho tloha Kinerete, ho ya fihla lewatleng le phuleng, e leng Lewatle la Letswai, tlasa mosiko wa Pisega, ka botjhabela.”


E busa le Araba, ho ya fihla lewatleng la Kinerete ka botjhabela, le ho ya fihla lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai; e busa le ka botjhabela, tseleng e yang Bete-Jeshimote, ka borwa, tlasa matswapo a Pisega.


Ka borwa moedi wa bona o ne o tloha qetheng ya karolo ya Lewatle la Letswai, koung e shebileng borwa.


Wa ikgohla ka phula, wa leba leboya ho Araba, wa nto theohela ka phuleng.


Ka botjhabela moedi e ne e le Jorodane. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Benjamine, le meedi ya yona, ho ya ka malapa abo bona.


metsi a phallelang tlase a ema, a kokomoha, a iketsa lekaka le yang morao, ho tloha motseng wa Adama, o haufi le Saretane. Metsi a phallelang Lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai, a kgaotsa ho phalla. Setjhaba sa tshela malebana le Jeriko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos