La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 17:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Le leloko la Manasse la laolelwa lefa, etswe e le letsibolo la Josefa. Makire ke yena letsibolo la Manasse le ntata Gileade. A newa Gileade le Bashane, hobane e ne e le mohale.

Ver Capítulo

BIBELE

Lotho la abela morabe wa Manase naha, hobane e ne e le letsibolo la Josefa. Ha e le Makiri, letsibolo la Manase, ntata Gileade, o ile a abelwa naha ya Gileade, le ya Bashane, hobane e ne e le mohlabani.

Ver Capítulo



Joshua 17:1
20 Referencias Cruzadas  

E moholo, Josefa a mo rea lebitso la Manasse (ya lebadisang), a re: Ke hobane Modimo o ntebadisitse ho hlora ha ka kaofela, le ntlo yohle ya ntate.


E monyenyane a mo rea lebitso la Efraime (ya behang), a re: Ke hobane Modimo o nkatiseditse lefatsheng la tlokotsi ya ka.


Naheng ya Egepeta, Josefa a tswala Manasse le Efraime, bao a ba tswaletsweng ke Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One.


Empa, eitse ha Josefa a bona hoba ntatae o beile letsoho la hae le letona hloohong ya Efraime, ya eba taba e mo hlokofatsang, mme a emisa letsoho la ntatae ho le tlosa hloohong ya Efraime, a tle a le bee hloohong ya Manasse.


Josefa a re ho ntatae: E seng jwalo, ntate, hobane enwa ke e moholo; bea letsoho la hao le letona hloohong ya hae.


Josefa a bona bana ba Efraime ho isa ho ba leloko la boraro, mme bara ba Makire, mora Manasse, le bona ba tswallwa mangoleng a Josefa.


Teng, a mmea morena wa Gileade, le wa Bageshure le wa Jisreele, le wa Efraime, le wa Benjamine, le wa Baiseraele bohle.


Bageshure le Baarame ba ba amoha metse ya Jaire, le Kenathe ka metsana ya teng, e le metse e mashome a tsheletseng. Metse eo kaofela e ne e le ya bara ba Makire, ntata Gileade.


Morena Jehova o re: Ke ena meedi ya lefatshe leo e tla ba lefa la lona, la meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele. Josefa o tla newa karolo tse pedi.


Moeding wa Nefthali, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke Manasse.


Bara ba Manasse ke bona bana: ka Makire ho hlahile ntlo ya Bamakire. Makire a tswala Gileade. Ka Gileade ho hlahile ntlo ya Bagileade.


Baradi ba Tselofkade, mora Hefere, mora Gileade, mora Makire, mora Manasse, ba matlo a Manasse, mora Josefa, bao mabitso a bona e leng wona ana: Makla, Nowa, Hogla, Milka le Thirtsa;


Moshe a nea bara ba Gade, le bara ba Rubene, le halofo ya moloko wa Manasse, mora Josefa, mmuso wa Sihone, morena wa Baamore, le mmuso wa Oge, morena wa Bashane, le lefatshe le metse ya lona, le yona naha ya metse e ka nqa tsohle.


a mpe a tiise boholo ba mora wa ya hloilweng ka ho mo nea kabelo tse pedi tsa dintho tsohle tsa hae, hobane ke yena sehlooho sa bonna ba hae; tokelo ya letsibolo ke ya hae.


Le bana ba bang ba Manasse ba laolelwa lefa ka matlo a bona: ke bana ba Abiesere, le bana ba Heleke, le bana ba Asriele, le bana ba Sikeme, le bana ba Hefere, le bana ba Shemida: bao ke bana ba batona ba Manasse, mora Josefa, ka matlo a bona.


Moshe o ne a neile mothapo o mong wa leloko la Manasse lefa naheng ya Bashane; mme mothapo o mong o ne o neilwe lefa ke Joshua hammoho le banababo bona, mose o mong wa Jordane, nqa bophirimela. Joshua, ha a ba kgutlisetsa tenteng tsa bona, a ba hlohonolofatsa.


Ba bang ba eba Baefraime ba medileng metso thabeng ya Amaleke; kamora hao ho ne ho tsamaya Benjamine hara batho ba hao; ha theoha le batsamaisi ba Makire, le ba Sabulone ba tshwereng lere la balaodi.