Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 32:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Moshe a nea bara ba Gade, le bara ba Rubene, le halofo ya moloko wa Manasse, mora Josefa, mmuso wa Sihone, morena wa Baamore, le mmuso wa Oge, morena wa Bashane, le lefatshe le metse ya lona, le yona naha ya metse e ka nqa tsohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

33 Jwale Moshe a nea bara ba Gade le bara ba Rubene, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, mora wa Josefa, naha ya Sihone, kgosi ya Baamore; le naha ya Oge, kgosi ya Bashane; a ba nea naha le metse e potapotileng naha eo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 32:33
21 Referencias Cruzadas  

Ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ha tla ba dikete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, e leng ba thontsweng ka mabitso ho ya bea Davida morena.


Jeria, hlooho, le banababo e neng e le banna ba bahale, ba ne ba etsa kete tse pedi tse nang le makgolo a supileng a dihlooho tsa matlo a bontata bona. Morena Davida a ba bea bahlahlobi ba Barubene, ho sebetsa mesebetsi yohle ya Modimo le mesebetsi ya morena.


Bara ba Rubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa Manasse, bao e neng e le bahale, banna ba hlomelang thebe le sabole, ba fulang ka seqha, ba tsebang ntwa, e ne e le dikete tse mashome a mane a metso e mene tse nang le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng, ba neng ba ka nna ba futuha.


Bara ba Rubene le bara ba Gade ba ne ba ruile mehlape e mengatangata; ba bona hoba naha ya Jaesere le ya Gileade di tshwanela mehlape.


Re tla feta re hlometse pela Jehova naheng ya Kanana; re mpe re rue lefa la rona ka mose o kwano wa Jordane.


Hobane leloko la bara ba Rubene ka matlo a bontata bona, le leloko la bara ba Gade ka matlo a bontata bona, le ba halofo ya leloko la Manasse, ba se ba nkile lefa la bona.


Meloko e mmedi eo le halofo ya leloko, ba se ba nkile lefa la yona ka mose o kwano wa Jordane, mabapa le Jeriko, ka nqa botjhabatsatsi.


ra nka naha ya bona, ra e nea Barubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, e be lefa la bona.


Ke ana marena a lefatshe la Kanana, ao bana ba Iseraele ba a hlotseng, ba ruileng naha tsa wona mose wane wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi, ho tloha nokeng ya Arnone, ho isa thabeng ya Hermone, hammoho le lehwatata lohle nqa botjhabatsatsi.


Ke bona bao Moshe, mohlanka wa Jehova, le bana ba Iseraele ba neng ba ba hlotse; Moshe, mohlanka wa Jehova, a nea fatshe leo ho Barubene, le ho Bagade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, hore ba le rue.


Hobane Moshe o ne a neile meloko e mmedi le mothapo o mong wa leloko le leng lefa la yona mose wane wa Jordane; empa ha a ka a nea Balevi lefa hara bona,


Mme jwale, Jehova, Modimo wa lona, o kgatholotse banababo lona, jwalokaha a ne a ba boleletse; ka baka leo, ikgutleleng jwale, le ipoelle tenteng tsa lona, fatsheng leo le le ruileng, leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose wane wa Jordane.


Moshe o ne a neile mothapo o mong wa leloko la Manasse lefa naheng ya Bashane; mme mothapo o mong o ne o neilwe lefa ke Joshua hammoho le banababo bona, mose o mong wa Jordane, nqa bophirimela. Joshua, ha a ba kgutlisetsa tenteng tsa bona, a ba hlohonolofatsa.


Baheberu ba bang ba tshela Jordane, ba tshelela naheng ya Gade, le Gileade; Saule yena a dula Gilgale, le setjhaba kaofela sa sala ho yena ka thothomelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos