Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 32:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Re tla feta re hlometse pela Jehova naheng ya Kanana; re mpe re rue lefa la rona ka mose o kwano wa Jordane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 Re tla tshela re hlometse, moo Morena a ntseng a bona, re ye naheng ya Kanana, mme lefa la rona le tla ba ka kwano ho Jorodane.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 32:32
10 Referencias Cruzadas  

Etlare hobane le kene naheng ya Kanana eo ke le neang yona, le e rue, ha nka otla ntlo efe le efe ya naha eo le tlang ho e rua ka lefu la lepera,


mme re ke ke ra rua letho hammoho le bona ka mose wane wa Jordane, le ka pele ho moo, kahobane, re tla ba le lefa la rona ka mose o kwano wa Jordane, ka nqa botjhabela.


Bara ba Gade le bara ba Rubene ba araba, ba re: Re tla etsa kamoo Jehova a boleletseng bahlanka ba hao kateng.


Moshe a nea bara ba Gade, le bara ba Rubene, le halofo ya moloko wa Manasse, mora Josefa, mmuso wa Sihone, morena wa Baamore, le mmuso wa Oge, morena wa Bashane, le lefatshe le metse ya lona, le yona naha ya metse e ka nqa tsohle.


Meloko e mmedi eo le halofo ya leloko, ba se ba nkile lefa la yona ka mose o kwano wa Jordane, mabapa le Jeriko, ka nqa botjhabatsatsi.


Ke wona mantswe ao Moshe a kileng a a bolella Baiseraele kaofela, mose o kwana ho Jordane, feelleng, thoteng e lebaneng le Sufe, mahareng a Parane le Tofele, le Labane, le Hatserothe, le Di-Sahabe.


ra nka naha ya bona, ra e nea Barubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, e be lefa la bona.


Mohlang oo, ra hapa naha eo. Naha yohle, ho tloha Aroere e lebopong la nokana ya Arnone, ho isa bohareng ba thaba ya Gileade, le metse ya teng, ka e nea Barubene le Bagade.


Ke ana marena a lefatshe la Kanana, ao bana ba Iseraele ba a hlotseng, ba ruileng naha tsa wona mose wane wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi, ho tloha nokeng ya Arnone, ho isa thabeng ya Hermone, hammoho le lehwatata lohle nqa botjhabatsatsi.


Ke bona bao Moshe, mohlanka wa Jehova, le bana ba Iseraele ba neng ba ba hlotse; Moshe, mohlanka wa Jehova, a nea fatshe leo ho Barubene, le ho Bagade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, hore ba le rue.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos